Numere
24 Ha Balame a bona hore Jehova o ne a batla* ho hlohonolofatsa Iseraele, ha a ka a tloha hape ho ya batla hore na ho na le ntho e mpe*+ e tla hlahela Iseraele empa o ile a sheba lefeelleng. 2 Ha Balame a phahamisa mahlo mme a bona Baiseraele ba hlomme ditente ho ya ka maloko a bona,+ moya wa Modimo wa eba hodima hae.+ 3 Yaba o bua maele ana a reng:+
“Ana ke mantswe a Balame mora wa Beore,
Mantswe a monna eo mahlo a hae a butsweng,
4 Mantswe a ya utlwang lentswe la Modimo,
Ya boneng pono ya Ya Matla Ohle,
Ya itihetseng fatshe a ntse a butse mahlo:+
6 Di nametse sebakeng se selelele jwalo ka dikgohlo,*+
Jwalo ka dirapa tse pela noka,
Jwalo ka lekgala leo Jehova a le lemmeng,
Jwalo ka dikedare tse pela metsi.
7 Metsi a ntse a rotha dinkgong tsa hae tse pedi tsa matlalo.
8 Modimo o mo ntsha Egepeta.
O jwalo ka manaka a poho e hlaha bakeng sa hae.
O tla fedisa ditjhaba, bahatelli ba hae,+
O tla phuphura masapo a tsona mme o tla di fedisa ka marumo a hae.
9 O bothile, o robetse fatshe jwalo ka tau,
Ke mang ya ka itetang sefuba mme a mo qala?
Ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofetse,
Ba o lakaletsang bomadimabe ba tla lakaletswa bomadimabe.”+
10 Yaba Balake o halefela Balame. Balake a opa diatla a halefile yaba o re ho Balame: “Ke o bitseditse hore o bitsetse dira tsa ka bomadimabe+ empa wena o di hlohonolofaditse ka makgetlo ana a mararo. 11 Jwale eya hae hona jwale. Ke ne ke ikemiseditse ho o putsa haholo+ empa Jehova o o thibetse hore o fumane moputso.”
12 Balame a araba Balake a re: “Ke boleletse baromuwa ba hao ka re, 13 ‘Le haeba Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletseng silevera le kgauta, nke ke ka etsa ntho le ha e le efe eo ke e ratang* e hanyetsanang le taelo ya Jehova ebang e molemo kapa e mpe. Ke tla bua feela seo Jehova a tla mpolella sona.’+ 14 Jwale ke ya ho batho ba heso. Empa ere ke o bolelle hore na setjhaba sena se tla etsang ho batho ba heno nakong e tlang.”* 15 Ka hoo a bua maele ana a reng:+
“Ana ke mantswe a Balame mora wa Beore,
Mantswe a monna eo mahlo a hae a butsweng,+
16 Mantswe a ya utlwang lentswe la Modimo
Le ya nang le tsebo ya Ya Phahameng ka ho Fetisisa.
O bone pono ya Ya Matla Ohle,
Ha a itihela fatshe a ntse a butse mahlo:
17 Ke tla mo bona empa eseng hona jwale,
Ke tla mo bona empa eseng haufinyane.
O tla pshatla phatla ya Moabe+
Le mahata a bara bohle ba morusu.
20 Ha a bona Amaleke, a tswela pele ho bua maele a reng:
21 Ha a bona Bakene,+ a tswela pele ho bua maele a reng:
“Lehae la hao le tsitsitse mme sebaka sa hao sa bodulo se behilwe lefikeng.
22 Empa ho na le ya tla tjhesa Kaine.
Ho tla nka nako e kae pele Asiria e o isa botlamuweng?”
23 A boela a bua maele a reng:
“Jo! Ebe ke mang ya tla pholoha ha Modimo a etsa jwalo?
Empa le yena o tla fediswa tu!”
25 Ka mora moo, Balame+ a ema yaba o a tsamaya o kgutlela hae. Balake le yena a tsamaya.