Exoda
13 Jehova a bua le Moshe a re: 2 “Halaletsang* letsibolo le leng le le leng le letona* bakeng sa ka hara Baiseraele. Letsibolo le letona le tla hlaha hara batho le diphoofolo ke la ka.”+
3 Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena leo le tswileng Egepeta ka lona,+ ntlong ya bokgoba hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla.+ Ho se ke ha jewa letho le nang le tomoso. 4 Le tswile Egepeta ka letsatsi lena ka kgwedi ya Abibe.*+ 5 Ha Jehova a se a le tlisitse naheng ya Bakanana, Bahethe, Baamore, Baheve le Bajebuse,+ e leng naha eo a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla le fa yona,+ naha e phallang lebese le mahe a dinotshi,+ le etse mokete ona ka kgwedi ena. 6 Le je bohobe bo se nang tomoso+ ka matsatsi a supileng mme ka letsatsi la bosupa ho tla ba le mokete wa Jehova. 7 Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+ Ho se ke ha fumanwa letho le nang le tomoso ho lona+ kapa hlama e bodila dibakeng* tsohle tsa lona. 8 Ka letsatsi leo o tla bolella mora wa hao o re, ‘Ke etsa sena ka lebaka la seo Jehova a nketseditseng sona ha ke tswa Egepeta.’+ 9 Mokete ona o tla le hopotsa ketsahalo eo jwalo ka ha eka e ngotswe letsohong la hao le phatleng ya hao*+ e le hore o ka bua ka molao wa Jehova* hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla. 10 O boloke taelo ena ka nako ya teng selemo le selemo.+
11 Ha Jehova a o tlisa naheng ya Bakanana, e leng naha eo a hlapanyeditseng wena le baholoholo ba hao hore o tla o fa yona,+ 12 matsibolo* ohle a matona e be a Jehova le matsibolo ohle a matona a diphoofolo tsa hao. Tse tona ke tsa Jehova.+ 13 O tla lopolla matsibolo ohle a ditonki ka dinku mme haeba o sa a lopolle, o a robe molala. Hape o tla lopolla matsibolo ohle a matona hara bara ba hao.+
14 Haeba mora wa hao a o botsa ha morao a re, ‘Ke hobaneng ha o etsa see?’ O tla re ho yena, ‘Jehova o re ntshitse Egepeta ntlong ya bokgoba ka letsoho le matla.+ 15 Ha Faro a eba manganga mme a hana ho re tlohela hore re tsamaye,+ Jehova a bolaya matsibolo ohle naheng ya Egepeta, ho tloha ho letsibolo la motho ho ya ho la phoofolo.+ Ke ka lebaka leo re etsetsang Jehova sehlabelo ka matsibolo* ohle a matona mme ka ho etsa jwalo re lopolla matsibolo ohle a bara ba rona.’ 16 Mokete ona o tla ba jwalo ka letshwao letsohong la hao le jwalo ka lebanta le rwalwang phatleng*+ hobane Jehova o re ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.”
17 Ha Faro a tlohela setjhaba hore se tsamaye, Modimo ha a ka a se tsamaisa ka tsela e fetang naheng ya Bafilista le hoja e ne e le haufi hobane Modimo o ile a re: “Ha setjhaba se lwantshwa, se ka nna sa ikwahlaela hore ebe se tswile Egepeta mme sa batla ho kgutlela teng.” 18 Modimo a etsa hore setjhaba se potolohe ka tsela ya lefeella la Lewatle le Lefubedu.+ Baiseraele ba ile ba tloha naheng ya Egepeta ba hlophisehile jwalo ka dihlopha tsa masole. 19 Hape Moshe a nka masapo a Josefa hobane Josefa o ne a itse ho bara ba Iseraele: “Ha Modimo a le ntsha naheng ena, le tsamaye le masapo a ka.”+ Josefa o ile a etsa hore ba hlapanye hore ba tla etsa jwalo. 20 Ba tloha Sukothe mme ba hloma ditente Ethame, moeding wa lefeella.
21 Motshehare Jehova o ne a ba etella pele ka leru* ho ba tsamaisa tseleng+ mme bosiu a ba etella pele ka mollo* ho ba fa lesedi e le hore ba kgone ho tsamaya bosiu le motshehare.+ 22 Motshehare leru le ne le sa tlohe ka pela setjhaba le bosiu mollo o ne o sa tlohe ka pela sona.+