Baahlodi
17 Jwale ho ne ho ena le monna ya tswang sebakeng se dithaba sa Efraime+ eo lebitso la hae e neng e le Mikea. 2 A re ho mme wa hae: “Dikotwana tsa silevera* tse 1 100 tse utswitsweng ho wena tseo o ileng wa bitsetsa motho ya di utswitseng bomadimabe moo ke ntseng ke utlwa, ke tsena ho nna. Ke nna ya neng a di nkile.” Yaba mme wa hae o re: “E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa mora wa ka.” 3 Yaba o kgutlisetsa dikotwana tsa silevera* tse 1 100 ho mme wa hae empa mme wa hae a re: “Ke tla halaletsa silevera ena e tswang letsohong la ka ho Jehova e le hore mora wa ka a ka e sebedisetsa ho etsa setshwantsho le seemahale sa tshepe.+ Jwale ke tla e kgutlisetsa ho wena.”
4 Ka mora ho kgutlisetsa silevera ho mme wa hae, mme wa hae a nka dikotwana tsa silevera* tse 200 a di neha motho ya etsang dintho tsa silevera. Motho eo a etsa setshwantsho le seemahale sa tshepe* mme tsa behwa ka tlung ya Mikea. 5 Mikea o ne a ena le ntlo ya medimo mme a entse efoda+ le ditshwantsho tsa terafime*+ ebile a kgethile* e mong wa bara ba hae hore e be moprista wa hae.+ 6 Mehleng eo, ho ne ho se na morena Iseraele.+ Motho e mong le e mong o ne a etsa ntho eo a bonang e nepahetse mahlong a hae.+
7 Jwale ho ne ho ena le mohlankana wa Bethlehema+ e Juda wa lelapa la Juda. E ne e le Molevi+ mme a dula moo ka nakwana. 8 Monna eo a tloha motseng wa Bethlehema e Juda ho ya batla moo a ka dulang teng. Ha a ntse a tsamaya, a fihla sebakeng se dithaba sa Efraime, ntlong ya Mikea.+ 9 Yaba Mikea o re ho yena: “O tswa hokae?” A re: “Ke Molevi ya tswang Bethlehema e Juda, ke ntse ke batlana le sebaka seo nka dulang ho sona.” 10 Ka hoo, Mikea a re ho yena: “Dula le nna mme o be moeletsi* wa ka le moprista wa ka. Ke tla o fa dikotwana tsa silevera* tse leshome ka selemo, diaparo le dijo.” Ka hoo Molevi a kena ka tlung. 11 Yaba Molevi o dumela ho dula le Mikea mme a ba jwalo ka e mong wa bara ba hae. 12 Ho feta moo, Mikea a kgetha* Molevi eo hore e be moprista wa hae+ mme a dula ntlong ya Mikea. 13 Yaba Mikea o re: “Jwale ke a tseba hore Jehova o tla ntlhohonolofatsa hobane moprista wa ka ke Molevi.”