LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Samuele 1
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya 2 Samuele

      • Davida o tsebiswa hore Saule o shwele (1-16)

      • Davida o binela Saule le Jonathane kodiyamalla (17-27)

2 Samuele 1:1

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “bolaya.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 27:5, 6

2 Samuele 1:4

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 31:1, 6; 1Kr 10:4, 6

2 Samuele 1:6

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 28:4; 1Kr 10:1
  • +1 Sam. 31:3; 1Kr 10:3

2 Samuele 1:8

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 17:16; De 25:19; 1 Sam. 15:20; 30:1

2 Samuele 1:10

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 31:4

2 Samuele 1:12

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 31:11, 13
  • +1 Sam. 31:1

2 Samuele 1:14

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 12:8; 1 Sam. 24:6; 26:9; 31:4

2 Samuele 1:15

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 4:10

2 Samuele 1:16

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 1:6, 10

2 Samuele 1:17

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 31:6

2 Samuele 1:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 10:13

2 Samuele 1:19

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 31:8

2 Samuele 1:20

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 31:9

2 Samuele 1:21

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 31:1; 1Kr 10:1
  • +Le 27:16

2 Samuele 1:22

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 18:4; 20:20
  • +1 Sam. 14:47

2 Samuele 1:23

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 18:1
  • +1 Sam. 31:6; 1Kr 10:6
  • +Job 9:26
  • +Diprov. 30:30

2 Samuele 1:24

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “mmala o sekareleta.”

2 Samuele 1:25

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 31:8

2 Samuele 1:26

Mangolo a Dithupiso

  • +1 Sam. 18:1, 3
  • +1 Sam. 19:2; 20:17, 41; 23:16-18; Diprov. 17:17; 18:24

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

2 Sam. 1:11 Sam. 27:5, 6
2 Sam. 1:41 Sam. 31:1, 6; 1Kr 10:4, 6
2 Sam. 1:61 Sam. 28:4; 1Kr 10:1
2 Sam. 1:61 Sam. 31:3; 1Kr 10:3
2 Sam. 1:8Ex 17:16; De 25:19; 1 Sam. 15:20; 30:1
2 Sam. 1:101 Sam. 31:4
2 Sam. 1:121 Sam. 31:11, 13
2 Sam. 1:121 Sam. 31:1
2 Sam. 1:14Nu 12:8; 1 Sam. 24:6; 26:9; 31:4
2 Sam. 1:152Sa 4:10
2 Sam. 1:162Sa 1:6, 10
2 Sam. 1:171 Sam. 31:6
2 Sam. 1:18Jos 10:13
2 Sam. 1:191 Sam. 31:8
2 Sam. 1:201 Sam. 31:9
2 Sam. 1:211 Sam. 31:1; 1Kr 10:1
2 Sam. 1:21Le 27:16
2 Sam. 1:221 Sam. 18:4; 20:20
2 Sam. 1:221 Sam. 14:47
2 Sam. 1:231 Sam. 18:1
2 Sam. 1:231 Sam. 31:6; 1Kr 10:6
2 Sam. 1:23Job 9:26
2 Sam. 1:23Diprov. 30:30
2 Sam. 1:251 Sam. 31:8
2 Sam. 1:261 Sam. 18:1, 3
2 Sam. 1:261 Sam. 19:2; 20:17, 41; 23:16-18; Diprov. 17:17; 18:24
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
2 Samuele 1:1-27

Buka ya Bobedi ya Samuele

1 Ka mora lefu la Saule ha Davida a tswa hlola* Baamaleke, o ile a dula Ziklage+ matsatsi a mabedi. 2 Ka letsatsi la boraro, ha tla mohlankana e mong ya tswang ho Saule ntweng, diaparo tsa hae di tabohile ebile a le mobu hloohong. Ha a atamela ho Davida, a kgumama yaba o inamela fatshe.

3 Davida a re ho yena: “O tswa hokae?” Mohlankana eo a re: “Ke phonyohile masoleng a Iseraele.” 4 Davida a re ho yena: “Ke kopa o mpolelle hore na ho etsahetseng.” Yaba mohlankana eo o re: “Batho ba balehile ntweng mme batho ba bangata ba shwele. Esita le Saule le mora wa hae Jonathane ba shwele.”+ 5 Davida a botsa mohlankana eo ya neng a mo tliseditse ditaba a re: “O tseba jwang hore Saule le mora wa hae Jonathane ba shwele?” 6 Mohlankana eo a re: “Ha ke le Thabeng ya Gilboa,+ ka tshohanyetso ke ile ka bona Saule a itshetlehile ka lerumo la hae mme dikariki tsa ntwa le bapalami ba dipere ba ne ba se ba mo fumane.+ 7 Ha a hetla mme a mpona, o ile a mpitsa mme ka re, ‘Ke nna enwa.’ 8 A re ho nna, ‘O mang?’ Yaba ke re ho yena, ‘Ke Moamaleke.’+ 9 Saule a re, ‘Ke kopa o eme hodima ka mme o mpolaye ka ha ke a opelwa hobane ke ntse ke phela.’ 10 Ka hoo, ke ile ka ema hodima hae mme ka mo bolaya+ hobane ke ne ke tseba hore o ne a ke ke a phela ka mora hore a wele fatshe a lemetse hakaalo. Yaba ke nka korone e neng e le hloohong ya hae le sefaha se neng se le letsohong la hae mme ka di tlisa mona ho wena morenaka.”

11 Yaba Davida o tabola diaparo tsa hae mme le banna bohle ba neng ba ena le yena ba tabola tsa bona. 12 Ba ile ba lla ha bohloko mme ba itima dijo+ ho fihlela mantsiboya. Ba ne ba llela Saule, mora wa hae Jonathane le setjhaba sa Jehova e leng Baiseraele ba bangata+ hobane ba ne ba bolailwe ka sabole.

13 Davida a botsa mohlankana eo ya neng a mo tliseditse ditaba a re: “O tswa hokae?” A re: “Ke mora wa moditjhaba, Moamaleke.” 14 Yaba Davida o re ho yena: “Ke hobaneng ha o sa ka wa tshaba ho bolaya motlotsuwa wa Jehova?”+ 15 Davida a bitsa e mong wa bahlanka ba hae a re: “Atamela mme o mo hlabe.” Ka hoo, a mo hlaba mme a shwa.+ 16 Davida o ne a itse ho yena: “O tla ikarabella bakeng sa lefu la hao hobane o fane ka bopaki ka molomo wa hao wa re, ‘Ke nna ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.’”+

17 Yaba Davida o bina pina ena ya kodiyamalla* ka lebaka la Saule le mora wa hae Jonathane+ 18 mme a re setjhaba sa Juda se rutwe pina eo e bitswang “Seqha” e ngotsweng bukeng ya Jashare:+

19 “Wena Iseraele, botle bo bolailwe hodima dibaka tsa hao tse phahameng.+

Bona ka moo ho shweleng banna ba matla ka teng!

20 Le se ke la bolela sena Gathe,+

Le se ke la se bolela diterateng tsa Ashkelone

Ka ha baradi ba Bafilista ba tla thaba

Le baradi ba banna ba sa bollang ba nyakalle.

21 Lona dithaba tsa Gilboa,+

Ho se ke ha eba le phoka kapa pula hodima lona,

Ho se ke ha eba le masimo a hlahisang menehelo e halalelang+

Hobane thebe ya ba matla e ile ya silafatswa moo,

Thebe ya Saule ha e sa tlotsitswe ka oli.

22 Seqha sa Jonathane ha se a ka sa kgutla+ mading a ba bolailweng

Le mafureng a ba matla

Le sabole ya Saule e ne e sa kgutle e sa atleha.+

23 Saule le Jonathane+ ba ne ba ratwa haholo ha ba ntse ba phela

Le lefung la bona ha ba a ka ba arohanngwa.+

Ba ne ba le lebelo ho feta dintsu,+

Ba le matla ho feta ditau.+

24 Lona baradi ba Iseraele, llelang Saule,

Ya ileng a le apesa diaparo tse kgubedu* le tse nang le mokgabiso,

Ya ileng a beha mekgabiso ya kgauta hodima diaparo tsa lona.

25 Bona ka moo ho bolailweng banna ba matla ka teng ntweng!

Jonathane o bolaetswe dibakeng tsa hao tse phahameng.+

26 Ke utlwile bohloko haholo ka lebaka la hao Jonathane ngwaneso,

Ke ne ke o rata haholo.+

Lerato leo o neng o nthata ka lona, le ne le feta lerato la basadi.+

27 Bona ka moo ba matla ba bolailweng ka teng

Le ka moo dibetsa tsa ntwa di senyehileng ka teng!”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share