Buka ya Pele ya Marena
5 Ha Hirame morena wa Tire+ a utlwa hore Solomone o tlotsitswe hore e be morena sebakeng sa ntate wa hae, a romela bahlanka ba hae ho Solomone ka ha Hirame esale e le motswalle wa Davida.*+ 2 Solomone le yena a romela molaetsa ho Hirame a re:+ 3 “O a tseba hore ntate wa ka Davida ha a ka a kgona ho haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova ka lebaka la dintwa tseo a neng a di lwana ho tswa mahlakoreng ohle, ho fihlela Jehova a mo thusa ho hlola dira* tsa hae.+ 4 Empa Jehova Modimo wa ka o entse hore ke phomole ho dira tsohle tsa ka.+ Ha ho na motho ya ntwantshang ebile ha ho letho le lebe le etsahalang.+ 5 Ka hoo, ke batla ho haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Modimo wa ka feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse ntate wa ka Davida a re: ‘Mora wa hao eo ke tla mo beha teroneng ya hao sebakeng sa hao, ke yena ya tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka.’+ 6 Bolella bahlanka ba hao hore ba ntshakgele difate tsa kedare Lebanone.+ Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le bahlanka ba hao mme ke tla lefa bahlanka ba hao moputso oo o mpehelang wona ka ha o a tseba hore ha ho na motho hara rona ya tsebang ho sakga difate jwalo ka Basidone.”+
7 Ha Hirame a utlwa mantswe a Solomone, a thaba haholo mme a re: “Ho ke ho roriswe Jehova kajeno hobane o file Davida mora ya bohlale hore a buse setjhaba sena se seholo.”+ 8 Hirame a romela molaetsa ho Solomone a re: “Ke utlwile molaetsa oo o nthomeletseng wona. Ke tla etsa sohle seo o se batlang ka hore ke tlise difate tsa kedare le tsa junipere.+ 9 Bahlanka ba ka ba tla di theola ho tloha Lebanone ho ya lewatleng, ke tla di fasa ke be ke di kopanye mme ke di tsamaise ka metsi a lewatle ho ya sebakeng seo o tla mpolella sona. Ke tla etsa hore o di fumane di fasolotswe moo mme o fihle o di nke. Wena o mpatale ka ho fa ba lelapa la ka dijo tseo ke tla di batla.”+
10 Hirame a fa Solomone difate tsa kedare le tsa junipere tseo a neng a di batla. 11 Solomone a fa Hirame dilithara tse 4 400 000* tsa koro e le dijo bakeng sa ba lelapa la hae le dilithara tse 4 400* tsa oli e hlwekileng ya mohlwaare.* Solomone o ne a fa Hirame dijo tseo selemo le selemo.+ 12 Jehova a fa Solomone bohlale feela jwalo ka ha a ne a mo tshepisitse.+ Ho ile ha eba le kgotso pakeng tsa Hirame le Solomone mme ka bobedi ba etsa selekane.
13 Morena Solomone a batla banna ba 30 000 Iseraele yohle hore ba tlo mo sebeletsa.+ 14 O ne a ba romela Lebanone ka dihlopha tsa ba 10 000 ka kgwedi. Ba ne ba qeta kgwedi ba le Lebanone mme ba qeta dikgwedi tse pedi ba le malapeng a bona, Adonirame+ e le molaodi wa bona. 15 Solomone o ne a ena le basebeletsi ba 70 000 ba jarang merwalo* le ba 80 000 ba betlang majwe+ dithabeng+ 16 ha mmoho le matona+ a 3 300 a neng a etella basebetsi pele. 17 Ho latela taelo ya morena, ba fata majwe a maholo, a theko e phahameng+ hore ba etse motheo+ wa ntlo ka majwe a betlilweng.+ 18 Dihahi tsa Solomone, dihahi tsa Hirame le Bagebale+ tsa betla majwe mme tsa lokisa difate le majwe a tlo haha ntlo.