LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Dikronike 21
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya 1 Dikronike

      • Davida o bala batho a sa tshwanela (1-6)

      • Kotlo e tswang ho Jehova (7-17)

      • Davida o haha aletare (18-30)

1 Dikronike 21:1

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa mohlomong: “Mohanyetsi.”

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 24:1-3

1 Dikronike 21:2

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 8:16
  • +Bhl 18:29; 2Sa 17:11

1 Dikronike 21:4

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 24:4, 8

1 Dikronike 21:5

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 24:9

1 Dikronike 21:6

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 1:47
  • +1Kr 27:23, 24

1 Dikronike 21:8

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 12:13
  • +Pes. 25:11; 51:1
  • +2Sa 24:10-14

1 Dikronike 21:9

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 29:29

1 Dikronike 21:12

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 26:26
  • +Le 26:14, 17
  • +Le 26:25; 2Ma 19:35

1 Dikronike 21:13

Mangolo a Dithupiso

  • +2Kr 28:9
  • +Ex 34:6; Pes. 51:1; Esa 55:7; Dil 3:22

1 Dikronike 21:14

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 16:46
  • +2Sa 24:15, 16

1 Dikronike 21:15

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “a swaba.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 32:14; De 32:36
  • +Pes. 90:13
  • +2Kr 3:1
  • +2Sa 5:6

1 Dikronike 21:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 22:31; Jos 5:13
  • +2Sa 24:17
  • +2Ma 19:1

1 Dikronike 21:17

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 51:4
  • +Ex 32:12; Nu 16:22

1 Dikronike 21:18

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 24:11
  • +2Sa 24:18-23; 2Kr 3:1

1 Dikronike 21:22

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Mphe.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 25:8

1 Dikronike 21:23

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Sheba Tlhaloso ya Ho pola; Seotlo.

  • *

    Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 28:27

1 Dikronike 21:24

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 24:24, 25

1 Dikronike 21:25

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

1 Dikronike 21:26

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 20:25
  • +Le 9:23, 24; 1Ma 18:38; 2Kr 7:1

1 Dikronike 21:27

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Sepatjhe sa sabole se entsweng ka letlalo.

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 24:16; Pes. 103:20

1 Dikronike 21:29

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 3:4; 1Kr 16:39; 2Kr 1:3

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

1 Dikron. 21:12Sa 24:1-3
1 Dikron. 21:22Sa 8:16
1 Dikron. 21:2Bhl 18:29; 2Sa 17:11
1 Dikron. 21:42Sa 24:4, 8
1 Dikron. 21:52Sa 24:9
1 Dikron. 21:6Nu 1:47
1 Dikron. 21:61Kr 27:23, 24
1 Dikron. 21:82Sa 12:13
1 Dikron. 21:8Pes. 25:11; 51:1
1 Dikron. 21:82Sa 24:10-14
1 Dikron. 21:91Kr 29:29
1 Dikron. 21:12Le 26:26
1 Dikron. 21:12Le 26:14, 17
1 Dikron. 21:12Le 26:25; 2Ma 19:35
1 Dikron. 21:132Kr 28:9
1 Dikron. 21:13Ex 34:6; Pes. 51:1; Esa 55:7; Dil 3:22
1 Dikron. 21:14Nu 16:46
1 Dikron. 21:142Sa 24:15, 16
1 Dikron. 21:15Ex 32:14; De 32:36
1 Dikron. 21:15Pes. 90:13
1 Dikron. 21:152Kr 3:1
1 Dikron. 21:152Sa 5:6
1 Dikron. 21:16Nu 22:31; Jos 5:13
1 Dikron. 21:162Sa 24:17
1 Dikron. 21:162Ma 19:1
1 Dikron. 21:17Pes. 51:4
1 Dikron. 21:17Ex 32:12; Nu 16:22
1 Dikron. 21:182Sa 24:11
1 Dikron. 21:182Sa 24:18-23; 2Kr 3:1
1 Dikron. 21:22Nu 25:8
1 Dikron. 21:23Esa 28:27
1 Dikron. 21:242Sa 24:24, 25
1 Dikron. 21:26Ex 20:25
1 Dikron. 21:26Le 9:23, 24; 1Ma 18:38; 2Kr 7:1
1 Dikron. 21:272Sa 24:16; Pes. 103:20
1 Dikron. 21:291Ma 3:4; 1Kr 16:39; 2Kr 1:3
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
1 Dikronike 21:1-30

Buka ya Pele ya Dikronike

21 Satane* a lwantsha Baiseraele mme a susumelletsa Davida hore a bale Baiseraele.+ 2 Davida a re ho Joabe+ le balaodi ba setjhaba: “Tsamayang le yo bala Baiseraele ho tloha Beersheba ho ya fihla Dane.+ Ka mora moo, le mpolelle e le hore ke tle ke tsebe palo ya bona.” 3 Empa Joabe a re: “E se eka Jehova a ka eketsa batho ba hae ka makgetlo a 100. Morenaka, kaofela ha bona e se e ntse e le bahlanka ba hao. Ke hobaneng ha o batla ho etsa ntho ee? Ke hobaneng ha o etsa hore Baiseraele ba be molato?”

4 Empa morena a hana ho mamela Joabe. Joabe a tloha mme a tsamaya Iseraele yohle. Ka mora moo, a fihla Jerusalema.+ 5 Joabe a fa Davida palo ya batho ba neng ba ngodisitswe. Banna bohle ba Iseraele ba tshwarang disabole ba ne ba le 1 100 000 mme banna ba Juda ba tshwarang disabole ba le 470 000.+ 6 Empa leloko la Levi le la Benjamine ha le a ka la ngodiswa hara bona+ hobane Joabe o ne a nyonya seo morena a se buileng.+

7 Modimo wa nnete ha a ka a thabela ntho ena. Ka hoo, a otla Baiseraele. 8 Davida a re ho Modimo wa nnete: “Ke entse sebe+ se seholo ka ho etsa ntho ena. Ke kopa o ntshwarele+ hobane ke entse ka bowatla.”+ 9 Jehova a bua le Gade+ ya bonang dipono bakeng sa Davida a re: 10 “Tsamaya mme o re ho Davida, ‘Jehova o re: “Ke o fa dikotlo tse tharo. Ikgethele eo o e batlang.”’” 11 Gade a tla ho Davida a re ho yena: “Jehova o re, ‘Ikgethele 12 hore na ho be le dilemo tse tharo tsa tlala+ kapa dikgwedi tse tharo o bolawa ke dira tsa hao mme di o hlasela ka sabole+ kapa matsatsi a mararo a sabole ya Jehova, e leng hore lengeloi la Jehova le tlise lefu la sewa naheng yohle ya Iseraele.’+ Jwale inahane mme o mpolelle hore na ke reng ho ya nthomileng.” 13 Davida a re ho Gade: “Ke tshwenyehile haholo. Re kopa hore re se ke ra fuwa kotlo ke motho+ empa e be Jehova ya re fang kotlo hobane yena o mohau haholo.”+

14 Jehova a tlisa lefu la sewa+ Iseraele mme ha shwa batho ba 70 000 Iseraele.+ 15 Ho ekelletsa moo, Modimo wa nnete a romela lengeloi hore le yo fedisa Jerusalema. Empa ha le le haufi le ho etsa jwalo, Jehova a bona seo yaba o utlwa bohloko* ka lebaka la tlokotsi eo.+ A re ho lengeloi le neng le tlo fedisa batho: “Ho lekane!+ Theola letsoho la hao.” Lengeloi la Jehova le ne le eme haufi le seotlo sa Ornane+ wa Mojebuse.+

16 Ha Davida a sheba hodimo, a bona lengeloi la Jehova le eme sepakapakeng le tshwere sabole+ mme le supile Jerusalema ka yona. Hanghang Davida le baholo ba itihela fatshe, ba inama+ ba ikwahetse ka masela a hwashang.*+ 17 Davida a re ho Modimo wa nnete: “Na ha se nna ya itseng ho balwe batho? Ke nna ya entseng sebe mme ke nna ya entseng phoso+ empa dinku tsee tsona di entseng? Jehova Modimo wa ka, ke kopa hore o tlise kotlo ena ho nna le ho ba lelapa la ntate wa ka empa o se ke wa otla setjhaba sa hao.”+

18 Lengeloi la Jehova la re Gade+ a bolelle Davida hore a nyolohe a yo etsetsa Jehova aletare seotlong sa Ornane wa Mojebuse.+ 19 Yaba Davida o a nyoloha ka mora hore moprofeta Gade a mo bolelle seo Jehova a se buileng. 20 Ka nako eo, Ornane o ne a ntse a pola koro. Ha a hetla, a bona lengeloi. Bara ba hae ba bane ba neng ba ena le yena ba ipata. 21 Ha Davida a tla ho yena, Ornane a mo bona mme hanghang a tswa seotlong a inamela Davida sefahleho sa hae se shebile fatshe. 22 Davida a re ho Ornane: “Nthekisetse* sebaka sena sa seotlo e le hore nka hahela Jehova aletare ho sona. Nthekisetse sona ka tjhelete e feletseng hore bolwetse bona bo tshwereng batho bo tle bo fediswe.”+ 23 Empa Ornane a re ho Davida: “Inkele sona morenaka mme o etse seo o bonang se le molemo. Dikgomo tsa nyehelo ya setjheso ke tsena ke fana ka tsona le selei+ sa ho pola* bakeng sa patsi ha mmoho le koro bakeng sa nyehelo ya dijo.* Ke fana ka tsona kaofela.”

24 Le ha ho le jwalo, Morena Davida a re ho Ornane: “Tjhe, ke lokela ho se reka ka tjhelete e feletseng hobane nke ke ka nka dintho tsa hao ebe ke di fa Jehova kapa ka nyehela mahlabelo a setjheso ka dintho tseo ke di fumaneng mahala.”+ 25 Davida a fa Ornane dikotwana* tsa kgauta tse 600 bakeng sa sebaka seo. 26 Davida a hahela Jehova aletare+ moo mme a nyehela mahlabelo a setjheso le mahlabelo a kopanetsweng, a rapela Jehova yaba o mo arabela ka ho theolela mollo+ o tswang lehodimong hodima aletare ya nyehelo ya setjheso. 27 Yaba Jehova o laela lengeloi+ hore le kgutlisetse sabole ya lona selateng* sa yona. 28 Ka nako eo, ha Davida a bona hore Jehova o mo arabetse seotlong sa Ornane wa Mojebuse, a dula a etsetsa mahlabelo moo. 29 Empa ka nako eo, tabernakele ya Jehova eo Moshe a neng a e entse lefeelleng le aletare ya nyehelo ya setjheso di ne di le sebakeng se phahameng Gibeone.+ 30 Empa Davida o ne a sa ka a kgona ho ya ka pela yona ho ya bua le Modimo hobane o ne a tshositswe ke sabole ya lengeloi la Jehova.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share