Buka ya Pele ya Marena
22 Ho ile ha feta dilemo tse tharo ho se na ntwa pakeng tsa Siria le Iseraele. 2 Ka selemo sa boraro Morena Josafate+ wa Juda a ya ho morena wa Iseraele.+ 3 Morena wa Iseraele a re ho bahlanka ba hae: “Na le a tseba hore motse wa Ramothe-gileade+ ke wa rona? Empa re o tlohetse, ha re o nke ho morena wa Siria.” 4 A re ho Josafate: “Na o tla ya le nna ntweng motseng wa Ramothe-gileade?” Josafate a re ho morena wa Iseraele: “Ke tla ya le wena le setjhaba sa ka le dipere tsa ka.”+
5 Empa Josafate a re ho morena wa Iseraele: “Ke kopa o botse+ Jehova pele ka taba ena.”+ 6 Morena wa Iseraele a bokella baprofeta ba ka bang 400 mme a re ho bona: “Na ke yo lwantsha motse wa Ramothe-gileade kapa ke tlohele?” Ba re: “Tsamaya mme Jehova o tla o thusa hore o hlole.”
7 Josafate a re: “Na ho na le moprofeta e mong wa Jehova moo? Le yena a re mo botseng.”+ 8 Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Ho na le monna e mong eo re ka mo botsang hore na Jehova o reng ka taba ena.+ Empa ke mo hloile+ hobane ha ho na mohla a profetang dintho tse ntle ka nna, o dula a profeta tse mpe feela.+ Ke Mikaia mora wa Imla.” Josafate a re: “Morena ha a lokela ho bua ka tsela ena.”
9 Morena wa Iseraele a bitsa molaodi wa lekgotla a re: “Potlaka o tle le Mikaia mora wa Imla.”+ 10 Morena wa Iseraele o ne a dutse teroneng ya hae le Josafate morena wa Juda a dutse teroneng ya hae, ba apere diaparo tsa bona tsa borena. Ba ne ba dutse seotlong* keiting ya Samaria mme baprofeta bohle ba profeta ka pela bona.+ 11 Tsedekia mora wa Kenana a iketsetsa manaka a tshepe mme a re: “Jehova o re, ‘O tla hlaba* Basiria ka manaka ana ho fihlela o ba fedisitse.’” 12 Baprofeta ba bang bohle ba ne ba profeta ntho e tshwanang ba re: “Tsamaya o yo lwantsha Ramothe-gileade mme Jehova o tla o thusa hore o e hlole.”
13 Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mikaia a re ho yena: “Baprofeta bohle ba re morena o tla atleha. Le wena ke kopa o bue dintho tse ntle.”+ 14 Mikaia a re: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo ya phelang hore ke tla bua seo Jehova a tla mpolella sona.” 15 Ha Mikaia a fihla, morena a re ho yena: “Mikaia, re lwantshe Ramothe-gileade kapa re tlohele?” Mikaia a re: “Tsamaya o yo e lwantsha mme Jehova o tla o thusa hore o e hlole.” 16 Morena a re ho yena: “Ke tla etsa hore o hlapanye ka makgetlo a makae e le hore o bue nnete mme o bue feela seo Jehova a o boleletseng sona?” 17 Mikaia a re: “Ke bone Baiseraele bohle ba hasane dithabeng+ jwalo ka dinku tse se nang modisa. Jehova o itse: ‘Ha ba na morena. Ere e mong le e mong a kgutlele ntlong ya hae ka kgotso.’”
18 Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Na ha ke a o bolella hore a ke ke a profeta dintho tse ntle ka nna empa o tla profeta tse mpe feela?”+
19 Mikaia a re: “Utlwa lentswe la Jehova: Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae+ mme mangeloi* ohle a eme ka lehlakoreng la hae le letona le le letshehadi.+ 20 Jehova a re, ‘Ke mang ya tla thetsa Akabe e le hore a ka ya Ramothe-gileade mme a shwella teng?’ Lengeloi le leng le ne le re tjena mme le leng le re tjena. 21 Lengeloi+ le leng la tla ka pela Jehova la re, ‘Ke tla mo thetsa.’ Jehova a re ho lona, ‘O tla mo thetsa jwang?’ 22 La re, ‘Ke tla thetsa baprofeta ba hae e le hore ba tle ba bue leshano.’+ A re ho lona, ‘Tsamaya o yo mo thetsa hobane o tla atleha.’ 23 Jehova o entse hore baprofeta bohle ba hao ba bue leshano+ empa ha e le hantle Jehova yena o ikemiseditse ho o fa kotlo.”+
24 Tsedekia mora wa Kenana a atamela ho Mikaia mme a mo otla lerameng a re: “Lengeloi la Jehova le mphetile jwang mme la bua le wena?”+ 25 Mikaia a re: “O tla bona hore na le o fetile jwang mohla o yo ipata kamoreng e ka harehare.” 26 Morena wa Iseraele a re: “Isa Mikaia ho Amone letona la motse le ho Joashe mora wa morena. 27 O re ho bona, ‘Morena o re: “Kwallang monna enwa teronkong+ mme le fokotse metsi le dijo tseo a lokelang ho di fuwa ho fihlela ke kgutla ke ntse ke phela.”’” 28 Empa Mikaia a re: “Haeba o ka kgutla o ntse o phela, e tla ba Jehova ha a bua le nna.”+ A boela a re: “Lona setjhaba, le hopole mantswe ana.”
29 Morena wa Iseraele le Josafate morena wa Juda ba ya Ramothe-gileade.+ 30 Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Ke tla apara diaparo tse ding feela mme ke kene ntweng empa wena o apare diaparo tsa hao tsa borena.” Morena wa Iseraele a apara diaparo tse ding+ feela a kena ntweng. 31 Morena wa Siria a re ho balaodi ba 32 ba dikariki tsa hae tsa ntwa:+ “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, le lwantshe morena wa Iseraele feela.” 32 Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Josafate ba re: “Enwa ke yena morena wa Iseraele.” Ba ya ho yena mme ba mo lwantsha yaba Josafate o a hweletsa o kopa thuso. 33 Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona hore ha se morena wa Iseraele, hanghang ba kgutla.
34 Monna e mong a betsa motsu wa seqha sa hae, ha etsahala* hore motsu oo o kene seaparong sa tshepe sa morena wa Iseraele yaba o a mo hlaba. Morena a re ho mokganni wa kariki ya hae ya ntwa: “Ke kopa o ntlose ntweng* hobane ke lemetse haholo.”+ 35 Ntwa ya tswela pele letsatsi lohle mme morena a tlameha ho ema a tsheheditswe kariking ya hae ya ntwa a shebile Basiria. Madi a tswang leqebeng a tswela ka hara kariki ya hae ya ntwa yaba mantsiboya o a shwa.+ 36 Ha letsatsi le dikela ha eba le motho ya fanang ka taelo e reng: “E mong le e mong a kgutlele motseng wa habo! E mong le e mong a kgutlele naheng ya habo!”+ 37 Morena a shwa mme ba mo isa Samaria yaba ba mo patela teng. 38 Ha ba hlatswa kariki ya ntwa letamong la Samaria, dintja tsa nwa madi a hae mme matekatse a ne a ntse a hlapela moo,* ho latela seo Jehova a neng a se buile.+
39 Histori yohle ya Akabe, dintho tseo a di entseng, ntlo* ya manaka a ditlou+ eo a e hahileng le metse eo a e hahileng di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 40 Akabe a shwa*+ mme mora wa hae Akazia+ ya eba morena.
41 Josafate+ mora wa Asa e bile morena wa Juda ha Akabe morena wa Iseraele a ena le dilemo tse nne a busa. 42 Josafate o ne a le dilemo di 35 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 25. Lebitso la mme wa hae e ne e le Azuba moradi wa Shilhi. 43 A nna a etsa dintho jwalo ka ntate wa hae Asa+ mme a thabisa Jehova.+ Empa dibaka tse phahameng ha di a ka tsa tloswa. Batho ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.+ 44 Josafate a etsa hore ho dule ho ena le kgotso pakeng tsa hae le morena wa Iseraele.+ 45 Histori yohle ya Josafate, diketso tsa hae tse matla le ka moo a lwanneng ka teng, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda. 46 O ile a boela a tlosa matekatse a banna*+ a neng a setse naheng ha ho ne ho busa ntate wa hae Asa.+
47 Ho ne ho se na morena Edomo+ mme letona e ne e le lona le busang.+
48 Josafate o ile a boela a romela dikepe tsa Tarshishe* Ofire ho ya lata kgauta+ empa ha di a ka tsa ya hobane di ile tsa robeha Ezione-gebere.+ 49 Akazia mora wa Akabe a re ho Josafate: “Ere bahlanka ba ka ba tsamaye le bahlanka ba hao ka dikepe” empa Josafate a hana.
50 Josafate a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida moholoholo wa hae.+ Mora wa hae Jorame+ ya eba morena.
51 Ha Morena Josafate a ena le dilemo tse 17 a busa Juda, Akazia+ mora wa Akabe ya eba morena wa Iseraele e Samaria mme a busa Iseraele ka dilemo tse pedi. 52 Akazia a nna a fosetsa Jehova ka hore a etse dintho tse mpe jwalo ka batswadi ba hae+ le jwalo ka Jeroboame mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba etse sebe.+ 53 A sebeletsa Baale+ le ho mo rapela mme a nna a fosetsa Jehova Modimo wa Iseraele+ feela jwalo ka ntate wa hae.