Buka ya Bobedi ya Marena
2 Ha Jehova a le haufi le ho nkela Elia+ mahodimong* ka sefefo,+ Elia le Elisha+ ba tloha Gilgale.+ 2 Elia a re ho Elisha: “Ke kopa o sale mona hobane Jehova o itse ke ye Bethele.” Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka wena le ka Jehova Modimo ya phelang hore nke ke ka o tlohela.” Ba tsamaya ba ya Bethele.+ 3 Bara ba baprofeta* ba Bethele ba tla ho Elisha mme ba re ho yena: “Na o a tseba hore kajeno Jehova o tlo nka monga hao?”+ Elisha a re: “Ke a tseba, tholang.”
4 Elia a re ho Elisha: “Ke kopa o sale mona hobane Jehova o itse ke ye Jeriko.”+ Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka wena le ka Jehova Modimo ya phelang hore nke ke ka o tlohela.” Ba tsamaya ba ya Jeriko. 5 Bara ba baprofeta ba Jeriko ba ya ho Elisha mme ba re ho yena: “Na o a tseba hore kajeno Jehova o tlo nka monga hao?” Elisha a re: “Ke a tseba, tholang.”
6 Elia a re ho Elisha: “Ke kopa o sale mona hobane Jehova o itse ke ye Jordane.” Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka wena le ka Jehova Modimo ya phelang hore nke ke ka o tlohela.” Ba tsamaya ba le babedi. 7 Ha Elia le Elisha ba le Jordane, bara ba 50 ba baprofeta ba ba sala morao mme ba ema moo ba kgonang ho ba bona. 8 Elia a nka seaparo sa hae se kgethehileng+ a se sotha mme a otla metsi ka sona. Metsi a arohana, a ya ka lehlakoreng le letona le le letshehadi yaba ba tshela moo ho ommeng.+
9 Ha ba qeta ho tshela, Elia a re ho Elisha: “O batla ke o etsetseng pele ke tloswa ho wena?” Elisha a re: “Ke kopa o mphe dikarolo tse pedi+ tsa moya o halalelang oo Modimo a o fileng wona.”+ 10 Elia a re: “O kopile ntho e thata. Haeba o tla mpona ha ke tloswa ho wena, o tla o fuwa empa haeba o sa mpone, o ke ke wa o fuwa.”
11 Ha ba ntse ba le tseleng ba bua, kariki ya ntwa e tukang mollo le dipere tse tukang mollo+ tsa ba arola mme Elia a nyollelwa mahodimong* ka sefefo.+ 12 Elisha o ne a shebeletse mme a hweletsa a re: “Ntate, Ntate! Bona kariki ya ntwa le bapalami ba dipere ba Iseraele!”+ Ha Elisha a se a sa bone Elia, a tabola diaparo tsa hae dikotwana tse pedi.+ 13 Ka mora moo, a nka seaparo se kgethehileng+ sa Elia se ileng sa wa yaba o a kgutla o ema lebopong la Jordane. 14 A nka seaparo se kgethehileng sa Elia mme a otla metsi ka sona yaba o re: “O kae Jehova, Modimo wa Elia?” Ha Elisha a otla metsi, a arohana a ya ka lehlakoreng le letona le le letshehadi yaba o a tshela.+
15 Ha bara ba baprofeta ba Jeriko ba mo bona a tla le mane ba re: “Moya o halalelang wa Modimo o neng o le ho Elia o dutse ho Elisha.”+ Ba ya ho yena mme ba kgumama* ka pela hae. 16 Ba re ho yena: “Banna ba 50 ba nang le bokgoni ke bana. Ere ba tsamaye ba yo sheba monga hao. Mohlomong moya o halalelang wa Jehova o mo nkile wa mo lahlela thabeng kapa kgohlong.”+ Empa Elisha a re: “Le se ke la ba romela.” 17 Ba mo phehella ho fihlela a swaba a re: “Ba romeleng.” Ba romela banna bao ba 50 mme ba batlana le Elia ka matsatsi a mararo empa ba se ke ba mo fumana. 18 Ba kgutlela Jeriko moo Elisha a neng a dula teng.+ A re ho bona: “Ke le boleletse hore le se ke la ya.”
19 Banna ba motse ba re ho Elisha: “Monga rona o a bona hore motse o sebakeng se setle+ empa metsi a ditshila ebile naha ha e hlahise dijo.”* 20 Elisha a re: “Ntlisetseng sejana se senyenyane se setjha mme le tshele letswai ka ho sona.” Ba se tlisa. 21 A ya mohloding wa metsi ao mme a tshela letswai ka ho wona+ a re: “Jehova o re o hlwekisitse metsi ana. Ha a sa tla hlola a baka lefu mme le naha e tla ba le dijo.”* 22 Metsi ao a ntse a hlwekile ho fihlela letsatsing lena ho ya ka seo Elisha a se buileng.
23 Elisha a nyolohela Bethele. Ha a ntse a tsamaya, bashanyana ba tswang motseng ba nna ba mo soma+ ba re: “Tsamaya wena ralefatla! Tsamaya wena ralefatla!” 24 Qetellong a hetla a ba sheba yaba o ba rohaka ka lebitso la Jehova. Dibere tse pedi tse tshehadi+ tsa tswa morung tsa hlasela bashanyana bao mme tsa bolaya ba 42 ho bona.+ 25 A tloha moo mme a ya Thabeng ya Karmele,+ ka mora moo a kgutlela Samaria.