Buka ya Bobedi ya Marena
4 E mong wa basadi ba bara ba baprofeta+ a hweletsa Elisha a re: “Monna wa ka e leng mohlanka wa hao o shwele mme o a tseba hore o ne a tshaba Jehova.+ Monna eo re mo kolotang o batla ho nka bana ba ka ba le babedi a ba etse makgoba a hae.” 2 Elisha a re ho yena: “O batla hore ke o etsetseng? Mpolelle hore na o na le eng ka tlung?” A re: “Ke na le nkgo* ya oli feela.”+ 3 Elisha a re: “Tsamaya o yo adima dijana tse sa tshelang ho baahisani ba hao. O nke tse ngata. 4 O kene ka tlung mme o ikwalle ka teng le bara ba hao. O tshele oli ka hara tsona kaofela mme tse tletseng o di behelle ka thoko.” 5 Mosadi eo a tloha ho Elisha.
Ha a qeta ho ikwalla ka tlung le bara ba hae, ba mo neheletsa dijana mme a tshela oli ka ho tsona.+ 6 Ha dijana di tletse, a re ho e mong wa bara ba hae: “Ntlisetse sejana se seng.”+ Empa mora wa hae a re: “Ha ho sa na dijana tse ding.” Ka mora moo, oli ha e a ka ya hlola e tswa.+ 7 Mosadi eo a ya ho mohlanka wa Modimo wa nnete e leng Elisha mme a mo bolella. Elisha a re: “Tsamaya o yo rekisa oli eo mme o patale dikoloto tsa hao, e setseng o e sebedisetse ho iphedisa le bara ba hao.”
8 Ka letsatsi le leng, Elisha a ya Shuneme+ moo ho neng ho ena le mosadi e mong ya tsebahalang. Mosadi eo o ile a mo phehella hore a tle ha hae a tlo ja.+ E ne e re ha a feta moo ebe o kena ha hae hore a yo ja. 9 Mosadi eo a re ho monna wa hae: “Ke hlokometse hore monna ya tlwaetseng ho tla ho rona ka mehla ke moprofeta wa Modimo. 10 Ke kopa re mo etsetse kamore e nyenyane marulelong+ mme re mo behele bethe, setulo, tafole le sedulwana sa lebone. Etlare ha a tlile a dule ka ho yona.”+
11 Ka letsatsi le leng, Elisha a ya ho mosadi eo mme a robala kamoreng e marulelong. 12 A re ho mohlanka wa hae Gehazi:+ “Mpitsetse mosadi eo wa Moshuneme.”+ A mo bitsa yaba mosadi eo o a tla mme o ema ka pela hae. 13 Elisha a re ho Gehazi: “Ke kopa o mo botse hore na jwalo ka ha a iteletse rona,+ nka mo etsetsang.+ Ke mo buelle ho morena+ kapa ho molaodi wa masole?” Empa mosadi eo a re: “Tjhe, ke dula ka kgotso hara batho ba heso.” 14 Elisha a re: “A ka etsetswang?” Gehazi a re: “Ha a na mora+ ebile monna wa hae o tsofetse.” 15 Hanghang Elisha a re: “Mo bitse.” Gehazi a mo bitsa yaba mosadi eo o a tla mme o ema monyako. 16 Elisha a re: “Selemong se tlang ka yona nako ena o tla be o ena le mora.”+ Empa mosadi eo a re: “O se ke wa nthetsa hle mohlanka wa Modimo wa nnete.”
17 Mosadi eo a ima mme a ba le mora selemong se latelang, hantle ka nako eo Elisha a neng a buile ka yona. 18 Ngwana eo a hola mme ka letsatsi le leng a ya ho ntate wa hae ha a ntse a ena le batho ba kotulang. 19 A nna a re ho ntate wa hae: “Ke tshwerwe ke hlooho, ke tshwerwe ke hlooho.” Ntate wa hae a re ho mohlanka wa hae: “Mo ise ho mme wa hae.” 20 Mohlanka a mo isa ho mme wa hae. Ngwana a dula hodima mme wa hae ho fihlela motshehare yaba o a shwa.+ 21 A mo robatsa betheng ya Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete+ yaba o mo kwalla ka moo. 22 A bitsa monna wa hae mme a re ho yena: “Ke kopa o nthomelle mohlanka a le mong le tonki mme ke ye ho mohlanka wa Modimo wa nnete kapele ke be ke kgutle.” 23 Empa monna wa hae a re: “Ke hobaneng ha o ya ho yena kajeno? Ha se kgwedi e ntjha+ ebile ha se sabatha.” Empa mosadi wa hae a re: “O se ke wa tshwenyeha, dintho di hantle.” 24 Mosadi eo a qhaneha tonki mme a re ho mohlanka wa hae: “Potlaka. Ke tla o bolella ha ke re o fokotse lebelo.”
25 A ya ho Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete Thabeng ya Karmele. Ha Elisha a mo bona a tla le mane, a re ho mohlanka wa hae Gehazi: “Mosadi wa Moshuneme ke yane. 26 Ke kopa o mathele ho yena o mo botse hore na o ntse a ya jwang le hore na monna wa hae le ngwana ba ntse ba ya jwang.” Mosadi eo a re ho Gehazi: “Re ntse re ya hantle.” 27 Ha a fihla ho Elisha thabeng, a mo tshwara maotong.+ Gehazi a tla mme a batla ho mo tlosa empa Elisha a re: “Mo tlohele hobane o utlwile bohloko mme Jehova ha a mpolella taba ena.” 28 Mosadi eo a re: “Na ke o kopile hore o mphe mora? Na ha ke a re o se ke wa ntshepisa ntho e siyo?”+
29 Elisha a re ho Gehazi: “Tlama diaparo tsa hao thekeng,+ o nke molamu wa ka mme o tsamaye. Haeba o kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa mme haeba a o dumedisa, o se ke wa mo araba. Ha o fihla o behe molamu wa ka hodima sefahleho sa moshanyana eo.” 30 Mme wa ngwana a re: “Ke hlapanya ka wena le ka Jehova Modimo ya phelang hore nke ke ka o siya.”+ Elisha a tsamaya le yena. 31 Gehazi o ile a tsamaya pele ho bona mme a fihla a beha molamu hodima sefahleho sa moshanyana eo empa ha a ka a tsoha.+ Gehazi a kgutlela ho Elisha mme a mo bolella hore moshanyana eo ha a tsoha.
32 Ha Elisha a fihla ka tlung, moshanyana eo o ne a shwele mme a robaditswe hodima bethe ya hae.+ 33 A kena ka kamoreng eo ngwana a neng a le ka ho yona mme a ikwalla le yena ka moo yaba o rapela Jehova.+ 34 A robala hodima moshanyana mme a beha molomo wa hae hodima molomo wa hae, mahlo a hae hodima mahlo a hae le matsoho a hae hodima matsoho a hae, a etsa jwalo ho fihlela mmele wa moshanyana o futhumala.+ 35 A theoha betheng yaba o ya kwana le kwana ka tlung. Ka mora moo, a hlwella betheng mme a robala hodima moshanyana hape. Moshanyana a thimola ka makgetlo a supileng, ka mora moo a bula mahlo.+ 36 Elisha a bitsa Gehazi mme a re: “Bitsa mosadi wa Moshuneme.” A mo bitsa yaba o a tla. Elisha a re: “Nka mora wa hao ke enwa.”+ 37 Mosadi eo a kgumama* ka pela hae, ka mora moo a nka mora wa hae yaba o a tswa.
38 Ha Elisha a kgutlela Gilgale, a fumana ho ena le tlala naheng.+ Ha a ntse a dutse le bara ba baprofeta+ a re ho mohlanka wa hae:+ “Phehela bara ba baprofeta setjhu ka pitsa e kgolo.” 39 E mong wa bona a ya masimong mme a kga meroho. Ha a ntse a le moo, a bona sefate sa mohope sa naheng yaba o kga ditholwana tsa sona mme o di tlatsa ka hara seaparo sa hae. Ha a kgutla a kgabella dintho tseo ka pitseng a sa tsebe hore na keng. 40 Ha morao banna bao ba tshellwa setjhu, ha ba qeta ho se latswa ba hweletsa ba re: “Elisha, dijo tsena di na le tjhefo.” Ba ile ba hloleha ho se ja. 41 Elisha a re: “Tlisang phofo.” Ka mora hore a e tshele ka pitseng eo a re: “Ngwathelang batho.” Ho ne ho se na tjhefo ka pitseng.+
42 Monna ya tswang Baale-shalisha+ a tlisetsa Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete dilofo tse 20 tsa bohobe ba harese+ e kotutsweng pele, a mo tlisetsa le mokotla wa harese.+ Elisha a re: “Di fe batho hore ba je.” 43 Empa mohlanka wa hae a re: “Dijo tsena di ke ke tsa lekana batho ba 100.”+ Elisha a re: “Di fe batho e le hore ba je hobane Jehova o itse ba tla ja mme ho be le tse salang.”+ 44 Mohlanka a ba fa yaba ba a ja mme ha eba le tse salang+ jwalo ka ha Jehova a ne a boletse.