Buka ya Bobedi ya Marena
13 Ha Joase+ mora wa Akazia+ morena wa Juda a ena le dilemo tse 23 a busa, Joakaze mora wa Jehu+ ya eba morena wa Iseraele e Samaria mme a busa ka dilemo tse 17. 2 A nna a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova, a se ke a tlohela ho etsa sebe seo Jeroboame mora wa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba se etse.+ 3 Jehova a halefela+ Baiseraele+ mme a ba tlohela hore ba hatellwe ke Morena Hazaele+ wa Siria le mora wa hae Ben-hadade+ ka nako e telele.
4 Ha nako e ntse e ya, Joakaze a kopa Jehova hore a mo thuse. Jehova a mo mamela ka ha o ne a bona ka moo morena wa Siria a hateletseng Baiseraele ka teng.+ 5 Jehova o ile a fa Baiseraele motho ya ileng a ba pholosa+ ho Basiria mme Baiseraele ba dula ka kgotso malapeng a bona jwalo ka pele. 6 (Le ha ho le jwalo, setjhaba ha se a ka sa tlohela ho etsa sebe* seo ba lelapa la Jeroboame ba ileng ba etsa hore Baiseraele ba se etse.+ Palo e halalelang*+ e neng e le Samaria e ile ya dula e le teng.) 7 Joakaze o ne a setse feela ka bapalami ba dipere ba 50, dikariki tse leshome le masole a 10 000 hobane morena wa Siria o ne a fedisitse tse ding+ mme a di hatile jwalo ka lerole ha ho polwa.+
8 Histori yohle ya Joakaze le dintho tsohle tse kgolo tseo a di entseng, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 9 Joakaze a shwa* mme a patelwa Samaria.+ Mora wa hae Joase ya eba morena.
10 Ha Joase morena wa Juda a ena le dilemo tse 37 a busa, Joase+ mora wa Joakaze ya eba morena wa Baiseraele Samaria mme o busitse ka dilemo tse 16. 11 O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova ka hore a se ke a tlohela dibe tsohle tseo Jeroboame mora wa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba di etse.+ O ile a tswela pele ho di etsa.*
12 Histori yohle ya Joase, dintho tsohle tse kgolo tseo a di entseng le ka moo a ileng a lwantsha Morena Amazia wa Juda ka teng,+ di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 13 Joase a shwa* mme Jeroboame*+ a dula teroneng ya hae. Joase o ile a patelwa Samaria le marena a Iseraele.+
14 Ha Elisha+ a kula, a tshwerwe ke bolwetse boo qetellong bo ileng ba mo bolaya, Joase morena wa Iseraele o ile a tla ho yena mme a lla a re: “Ntate, Ntate! Bona kariki ya ntwa le bapalami ba dipere ba Iseraele!”+ 15 Elisha a re ho yena: “Nka seqha le metsu.” Joase a di nka. 16 Elisha a re ho morena wa Iseraele: “Itokisetse ho betsa.” A itokisetsa ho betsa mme Elisha a beha matsoho a hae hodima matsoho a morena. 17 Elisha a re: “Bula fensetere e ka botjhabela.” A e bula. Elisha a re: “Betsa!” A betsa. A boela a re ho morena wa Iseraele: “Motsu wa Jehova wa tlholo,* o tla hlola Siria! O tla hlasela* Siria Afeke+ ho fihlela o e fedisitse.”
18 Elisha a re: “Nka metsu” yaba o a e nka. A re ho morena wa Iseraele: “Otla fatshe.” A otla ka makgetlo a mararo yaba o a emisa. 19 Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete a mo halefela a re: “O ka be o otlile fatshe ka makgetlo a mahlano kapa a tsheletseng! Ka tsela eo o ne o tla hlasela Siria ho fihlela o e fedisitse empa o tla e hlasela ka makgetlo a mararo feela.”+
20 Ka mora moo, Elisha a shwa mme a patwa. Ha selemo se seng le se seng se qala,* masole a Bamoabe+ a ne a tla naheng. 21 Ha banna ba bang ba ntse ba pata motho, ba ile ba bona sehlopha sa masole yaba ka potlako ba lahlela setopo seo moo Elisha a neng a patetswe teng mme ba baleha. Ha setopo seo se thetsa masapo a Elisha, motho eo a phela+ yaba o ema ka maoto.
22 Morena Hazaele+ wa Siria a hatella Baiseraele+ nakong yohle eo Joakaze e neng e le morena. 23 Empa Jehova o ile a ba hauhela+ mme a bontsha hore o a ba kgathalla ka lebaka la selekane seo a se entseng le Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+ Ha a ka a ba fedisa kapa a ba leleka* ho fihlela letsatsing lena. 24 Ha Morena Hazaele wa Siria a shwa, mora wa hae Ben-hadade ya eba morena. 25 Joase mora wa Joakaze a boela a hapa metse eo Ben-hadade mora wa Hazaele a neng a e nkile ho ntate wa hae. Joase a mo hlasela* ka makgetlo a mararo+ mme a kgutlisa metse ya Iseraele.