Buka ya Bobedi ya Marena
25 Ka la leshome kgweding ya leshome ha Morena Tsedekia a ena le dilemo tse robong a busa, Morena Nebukadnezare*+ wa Babilona a tla le masole ohle a hae mme a hlasela Jerusalema.+ A hloma ditente pela yona mme a haha lebota le thibellang ho e potoloha.+ 2 Motse wa thibellwa ho fihlela Morena Tsedekia a ena le dilemo tse 11 a busa. 3 Ka letsatsi la borobong kgweding ya bone, ha eba le tlala e kgolo+ motseng mme batho ba ne ba se na dijo naheng eo.+ 4 Ho ile ha dihuwa lebota la motse+ mme masole ohle a Jerusalema a baleha bosiu a tswa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabedi haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba potapotile motse. Morena Tsedekia a baleha ka tsela e yang Araba.+ 5 Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a mo fumana lehwatateng la Jeriko, masole ohle a hae a ne a balehile. 6 A tshwara morena+ mme a mo tlisa ho morena wa Babilona Ribla yaba o a ahlolwa. 7 A bolaya bara ba Tsedekia ka pela mahlo a hae mme Nebukadnezare a mo foufatsa, a mo tlama ka diketane tsa koporo yaba o mo isa Babilona.+
8 Ka letsatsi la bosupa kgweding ya bohlano e leng ha Morena Nebukadnezare* wa Babilona a ena le dilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane+ mookamedi wa balebedi ebile e le mohlanka wa morena wa Babilona, a ya Jerusalema.+ 9 A tjhesa ntlo ya Jehova,+ ntlo ya morena*+ le matlo ohle a Jerusalema.+ A boela a tjhesa matlo a banna bohle ba hlomphehang.+ 10 Masole ohle a Bakalde a neng a ena le mookamedi wa balebedi a heletsa marako a neng a potapotile Jerusalema.+ 11 Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a nka batho bohle ba neng ba setse motseng, batho ba neng ba balehetse ho morena wa Babilona le setjhaba sohle a ba isa botlamuweng.+ 12 Mookamedi wa balebedi a siya ba bang ba batho ba futsanehileng haholo hore ba leme morara le ho etsa mesebetsi e lokelang ho etswa.+ 13 Bakalde ba pshatla dipilara tsa koporo+ tse neng di le ntlong ya Jehova, diteroli+ le Tanka* ya koporo,+ tse neng di le ka tlung ya Jehova mme ba isa koporo eo Babilona.+ 14 Ba boela ba nka dinkgo, dikgarafu, dintho tse timang mollo, dikopi le dintho tsohle tse neng di sebediswa tempeleng, tse entsweng ka koporo. 15 Mookamedi wa balebedi a nka dipane tsa mollo le dikotlolo tse entsweng ka kgauta ya nnete+ le silevera ya nnete.+ 16 Koporo ya dipilara tse pedi, ya Tanka* le ya diteroli tseo Solomone a neng a di etseditse ntlo ya Jehova, e ne e le ngata hoo ho neng ho sa kgonehe hore e methwe.+ 17 Pilara e nngwe le e nngwe e ne e le bophahamo ba dimithara tse ka bang robedi*+ mme e ena le hlooho e entsweng ka koporo e bolelele ba mithara.* Letanta* le dikgarenate tse neng di kgabisitse hlooho di ne di entswe ka koporo.+ Pilara ya bobedi le yona e ne e le jwalo.
18 Mookamedi wa balebedi a boela a nka Seraia+ moprista e moholo, Sofonia+ moprista wa bobedi le balebedi ba bararo ba monyako.+ 19 A boela a nka mookamedi a le mong wa lekgotla eo e neng e le mookamedi wa masole, metswalle e mehlano ya Morena Tsedekia e neng e le motseng, mongodi wa mookamedi wa masole ya neng a bokella masole ha a ya ntweng le banna ba 60 ba ileng ba fumanwa motseng. 20 Nebuzaradane+ mookamedi wa balebedi a ba nka mme a ba isa Ribla ho morena wa Babilona.+ 21 Morena wa Babilona a ba bolaela Ribla naheng ya Hamathe+ yaba Bajuda ba tloswa naheng ya bona ba iswa botlamuweng.+
22 Morena Nebukadnezare wa Babilona a kgetha Gedalia+ mora wa Akikame+ e leng mora wa Shafane+ hore a etelle pele batho ba neng ba setse Juda.+ 23 Ha balaodi bohle ba masole le bahlanka ba bona ba utlwa hore morena wa Babilona o kgethile Gedalia, ba ya ho Gedalia Mizpa. E ne e le Ishmaele mora wa Nethania, Johanane mora wa Karea, Seraia mora wa Tanhumethe wa Monetofa, Jazania mora wa Momakathe le bahlanka ba bona.+ 24 Gedalia a etsa kano le bona le bahlanka ba bona a re: “Le se ke la tshaba ho ba bahlanka ba Bakalde. Dulang naheng ena le sebeletse morena wa Babilona mme dintho di tla le tsamaela hantle.”+
25 Ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele+ mora wa Nethania e leng mora wa Elishama ya tswang lelokong la borena a tla le banna ba leshome mme ba bolaya Gedalia, Bajuda le Bakalde ba neng ba ena le Gedalia Mizpa.+ 26 Ka mora moo, batho bohle ho akarelletsa le balaodi ba masole ba balehela Egepeta+ hobane ba ne ba tshaba Bakalde.+
27 Ka la 27 kgweding ya bo12 ha Morena Jojakine+ a ena le dilemo tse 37 a le botlamuweng e leng ka selemo seo Morena Evile-merodake wa Babilona e bileng morena ka sona, a ntsha Morena Jojakine wa Juda teronkong.+ 28 O ile a mo tshwara hantle mme a mo hlompha ho feta marena* a mang a neng a hapuwe le yena Babilona. 29 Jojakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara teronkong mme a jella tafoleng ya morena ka mehla bophelo bohle ba hae. 30 Letsatsi le leng le le leng morena o ne a mo fa dijo. O ile a etsa sena ho fihlela a shwa.