Esthere
7 Morena le Hamane+ ba fihla moketeng wa Mofumahadi Esthere. 2 Letsatsing la bobedi nakong ya mokete wa veine, morena a boela a re ho Esthere: “Keng eo o e batlang, Mofumahadi Esthere? O tla e fuwa. Keng eo o e kopang? Le ha o ka kopa halofo ya borena, o tla bo fuwa.”+ 3 Mofumahadi Esthere a re: “Ao hle morenaka! Haeba o mamela sello sa ka le haeba o rata, ke o kopa hore o pholose bophelo ba ka le setjhaba sa heso.+ 4 Nna le batho ba heso re rekisitswe+ hore re bolawe, re fediswe le ho ripitlwa.+ Hoja re ne re rekisitswe hore re be makgoba feela, nka be ke sa re letho. Empa mahlomola ana ha a lokela ho dumellwa hobane morena o tlo senyehelwa.”
5 Yaba Morena Asueruse o re ho Mofumahadi Esthere: “Ke mang eo, hona o kae monna ya sebete sa ho etsa ntho e jwalo?” 6 Esthere a re: “Mohanyetsi le sera ke Hamane enwa ya kgopo.”
Hamane a tshoha morena le mofumahadi. 7 Morena a raoha a halefile, a ya serapeng sa ntlo ya borena. Empa Hamane a ema ho kopa Mofumahadi Esthere hore a mo hauhele hobane o ne a hlokometse hore morena o rerile ho mo fa kotlo. 8 Morena a kgutla serapeng sa ntlo ya borena a ya moo ho neng ho tshwaretswe mokete wa veine teng yaba o bona Hamane a itahletse hodima setulo* seo Esthere a neng a se dutse. Morena a re: “Jwale o batla le ho beta mofumahadi ka pela mahlo a ka, ha ka moo?” Eitse ha a tjho jwalo, ba kwahela sefahleho sa Hamane. 9 Harbona,+ e mong wa diofisiri tsa lekgotla tsa morena a re: “Hamane o boetse o hlomme palo ha hae bakeng sa Mordekai+ ya o pholositseng morena.+ E bolelele ba dimithara tse ka bang 22.”* Yaba morena o re: “Mo fanyeheng ho yona.” 10 Ka hoo, ba fanyeha Hamane palong eo a neng a e hlometse Mordekai mme kgalefo ya morena ya kokobela.