Esthere
10 Morena Asueruse a laela batho ba dulang naheng le dihlekehlekeng tsa lewatle hore ba etse mosebetsi o boima.*
2 Mesebetsi yohle ya hae e meholo le dintho tseo a di fihletseng ha mmoho le ditaba tsa ka moo morena a ileng a beha Mordekai+ boemong bo phahameng ka teng,+ di ile tsa ngolwa bukeng ya histori+ ya marena a Media le Persia.+ 3 Mordekai wa Mojuda o ne a hlahlama Morena Asueruse ka matla. E ne e le motho wa bohlokwa* a bile a hlomphuwa ke Bajuda, a sebeletsa boiketlo ba batho ba habo le hore bana bohle ba bona ba be le kgotso.