Jobo
4 Elifaze+ wa Motemane a araba a re:
2 “Ha motho a leka ho bua le wena, na o tla mo fella pelo?
Ke mang ya ka kgonang ho ithiba hore a se ke a bua?
3 Ke nnete hore o kgalemetse batho ba bangata,
Hape o ne o tlwaetse ho matlafatsa ba nyahameng.
4 Mantswe a hao a ne a phahamisa mang kapa mang ya kgoptjwang,
Ebile o ne o matlafatsa bao mangole a bona a tsheremang.
6 Na taba ya hore o hlompha Modimo ha e ofe kgodiseho?
Na tsela ya hao ya botshepehi+ ha e ofe tshepo?
7 Ke kopa o hopole sena: Ke motho ofe ya se nang molato ya kileng a fediswa?
Ke neng motho ya lokileng a kileng a bolawa?
9 Ka phefumoloho ya Modimo ba a fediswa
Le ka kgalefo ya hae e matla ba a fela.
10 Tau e a puruma le ledinyane la yona le a rora
Empa le meno a ditau tse matla a a pshatleha.
11 Tau e a shwa ka lebaka la ho hloka nyamatsana
Le madinyane a tau a a hasana.
12 Lentswe le ile la tliswa ho nna ka sephiri
Mme tsebe ya ka ya le utlwa le hweshetsa.
13 Bosiu ha batho ba robetse,
Ke ile ka ba le dipono tse ntshwenyang.
14 Ka thothometswa ke tshabo,
Ya tlala masapo ohle a ka.
16 Ya fihla ya ema ka pela ka
Empa ke ne ke sa bone hore na ke eng.
Ho ne ho ena le ntho ka pela ka,
Ho ne ho kgutsitse mme ka utlwa lentswe le re:
17 ‘Na motho e ka ba ya lokileng ho feta Modimo?
Na motho a ka hlweka ho feta Moetsi wa hae?’
19 A ka tshepa jwang ba dulang matlong a entsweng ka mobu,
Ba entsweng ka lerole,+
Ba bolawang ha bonolo jwalo ka tshwele?*
20 Ba a phela hoseng ebe mantsiboya ba a shwa,
Ba a shwa mme ha ho na motho ya ba tsotellang.
21 Na ha ba jwalo ka tente eo thapo ya yona e fasollotsweng?
Ba shwa ba se na bohlale.