10 Ke hloile bophelo ba ka.+
Ke tla ntsha bohloko boo ke bo utlwang.
Ke tla bua ke utlwile bohloko!
2 Ke tla re ho Modimo: ‘O se ke wa phatlalatsa hore ke molato.
Mpolelle hore na ke hobaneng ha o ntwantsha.
3 O fumana molemo ofe ka ho hatella
Le ho hloya mosebetsi wa matsoho a hao+
Le ka ho amohela keletso ya ba kgopo?
4 Na o na le mahlo a nama
Kapa o bona jwalo ka motho?
5 Na matsatsi a hao a tshwana le a batho
Kapa na dilemo tsa hao di tshwana le tsa batho,+
6 Hoo o batlang phoso ya ka
Le ho sheba sebe sa ka?+
7 O a tseba hore ha ke na molato+
Mme ha ho na motho ya ka mpholosang letsohong la hao.+
8 Matsoho a hao a mpopile ebile a nkentse+
Empa jwale o haufi le ho mphedisa.
9 Ke kopa o hopole hore o nkentse ka letsopa+
Empa jwale o batla ho nkgutlisetsa leroleng.+
10 Na ha o a ka wa nqhala jwalo ka lebese
Le ho etsa hore ke tiye jwalo ka tjhisi?
11 O ile wa nkapesa ka nama le letlalo,
Wa nkopanya ka masapo le mesifa.+
12 O mphile bophelo le lerato
Ebile o ntlhokometse.+
13 Empa o ile wa rera ho etsa dintho tsena ka sephiri.
Ke a tseba hore di tswa ho wena.
14 Haeba ke entse sebe, o ne o tla mpona,+
O ne o ke ke wa ntshwarela ka lebaka la phoso ya ka.
15 Ho madimabe nna haeba ke molato!
Le haeba ha ke na molato, nke ke ka phahamisa hlooho+
Hobane ke swabile ebile ke utlwile bohloko.+
16 Ha ke phahamisa hlooho, o ntsoma jwalo ka tau+
O boetse o sebedisa matla a hao ho nntsha kotsi.
17 O tlisa dipaki tse ntjha tse tlo bua hampe ka nna
Ebile o nkgalefela le ho feta
Ha mathata a ka a tla a latellana.
18 Ke hobaneng ha o ile wa etsa hore ke tswe ka popelong?+
Nka be ke ile ka shwa le pele ho eba le motho ya mponang.
19 Nka be ke nkilwe ka ho toba ho tswa popelong ho ya lebitleng,
Ho ne ho tla tshwana le ha eka ha ke a ka ka ba teng.’
20 Na matsatsi a ka ha a mmalwa?+ A ke a ntlohele,
A ke a tlohele ho ntjheba e le hore nka fumana phomolo,+
21 Pele ke tsamaya ka ha nke ke ka kgutla,+
Ke ya naheng e lefifi haholo,+
22 Naheng ya lefifi le letsholetsho,
Naha e se nang taolo le ya moriti o lefifi,
Moo le kganya e leng lefifi.”