Jobo
2 “Na motho ya bohlale a ka bua ntho e sa utlwahaleng,
Kapa na o tla tlatsa mpa ya hae ka moya wa botjhabela?
3 Ho kgalemela feela ka mantswe ha ho na thuso,
Mme ho bua feela ha ho na molemo.
4 Ha o nke ho tshaba Modimo ho le bohlokwa,
Ebile o etsa hore batho ba se ke ba nahana ka Modimo.
5 Phoso ya hao e etsa hore o bue jwalo
Hape o kgetha ho bua mantswe a nang le bolotsana.
7 Na ke wena motho ya tswetsweng pele,
Kapa na o hlahile pele ho maralla?
8 Na o mamela makunutu a Modimo,
Kapa o nka hore ke wena feela ya bohlale?
9 O tseba eng eo re sa e tsebeng?+
O utlwisisa eng eo re sa e utlwisiseng?
11 Na matshediso a Modimo ha a o lekana
Kapa mantswe a builweng ka bonolo ho wena?
12 Ke hobaneng ha o nkwa ke pelo,
Mme ke hobaneng ha mahlo a hao a tletse kgalefo?
13 O halefela Modimo
Mme o dumella mantswe a jwalo hore a tswe molomong wa hao.
16 Motho ya sa lokang a bile a nyonyeha e ne e boetse e le eng,+
Motho ya nwang ho se loke jwalo ka metsi?
17 Mamela ke o bolelle,
Ke tla o bolella dintho tseo ke di boneng,
18 Dintho tseo banna ba bohlale ba di buileng, tseo ba sa kang ba di pata,+
Dintho tseo ba di utlwileng ho bontate ba bona.
19 Naha e ile ya fuwa bona feela
Mme ha ho motho e mong ya ileng a feta hara bona.
20 Motho ya kgopo o dula a ena le mathata matsatsi ohle a bophelo ba hae,
O kopana le mathata dilemo tsohle tsa bophelo ba hae.
23 O lelera hohle a ntse a batlana le dijo* a re: ‘Di hokae?’
O tseba hantle hore letsatsi la tlokotsi* le haufi.
24 Ho tshwenyeha le mathata di dula di mo tshosa,
Di tla ka matla jwalo ka morena ya itokiseditseng ho hlasela.
25 Ka ha o phahamiseditse Modimo letsoho,
Ebile o leka ho lwantsha* Ya Matla Ohle,
26 O latella Modimo ka manganga,
A nkile thebe ya hae e tenya le e matla,
27 Sefahleho sa hae se tletse monono,
Le letheka la hae le tletse mafura,
28 O dula metseng e tlo fediswa,
Matlong ao ho seng motho ya dulang ho ona,
A tla fetoha qubu ya majwe.
29 A ke ke a rua mme leruo la hae le ke ke la eketseha
Kapa hona hore dintho tsa hae di tlale hohle lefatsheng.
30 A ke ke a phonyoha lefifing,
Lelakabe le tla tjhesa lekala la hae
31 A se ke a kgeloha le ho tshepa ntho e se nang thuso
Ka ha a ke ke a fumana letho le molemo,
32 E tla ba ntho e etsahalang kapele
Mme makala a hae a ke ke a ba matala.+
33 O tla ba jwalo ka sefate sa morara se hlohlorang morara wa sona o sa butswang,
Le jwalo ka sefate sa mohlwaare se hlohlorang dithunthung tsa sona.
34 Hobane ha ho letho le molemo hara batho ba lahlileng Modimo*+
Mme mollo o tla tjhesa ditente tsa batho ba nkang tjotjo.
35 Ba emola kgathatso mme ba tswala se kgopo,
Dipopelo tsa bona di hlahisa thetso.”