Jobo
16 Jobo a re:
2 “Nkile ka utlwa dintho tse ngata tse tshwanang le tsena.
Kaofela ha lona le batshedisi ba dikgathatso!+
3 Le tla qeta neng ho bua mantswe aa a se nang thuso?
Keng e etsang hore le bue ka tsela ee?
4 Le nna ke ne nka bua jwalo ka lona.
Haeba le ne le le boemong ba ka,
Ke ne nka bua dintho tse ngata tse le hanyetsang
Mme ka le sisinyetsa hlooho.+
5 Ho ena le hoo, ke ne ke tla bua mantswe a le kgothatsang,
Mme matshediso a ka a ne a tla le kgatholla.+
8 O boetse o a ntshwara mme boemo boo ke leng ho bona ke bopaki ba seo,
Ka hoo, ho ota ha ka ho paka seo.
9 Kgalefo ya hae e nthobile dikoto mme o ntlhoile.+
O ntsikitlanyetsa meno.
Sera sa ka se ntjhebile hampe.+
10 Ba buile dintho tse mpe ka nna,+
Hape ba ntelletse ka hore ba nkotle marameng,
Ba ntlhasela ba le bangata.+
12 Ke ne ke se na mathata empa a nthuhakanya,+
A ntshwara ka morao molaleng yaba o nthoba dikoto,
O ikemiseditse ho ntlhasela.
13 Batho ba hae ba betsang metsu ba mpotapotile,+
O arola diphio tsa ka+ a se na qenehelo,
O qhalla nyooko ya ka fatshe.
14 O ntse a mphunya masobasoba,
O mathela ho nna jwalo ka lesole.
16 Sefahleho sa ka se retetse ke ho lla,+
Mme mahlo a ka a aparetswe ke lefifi,*
17 Le hoja ke sa lematsa motho,
Le thapelo ya ka e hlwekile.
18 Wena lefatshe, o se ke wa kwahela madi a ka!+
A tlohele hore a lle molemong wa ka!
19 Paki ya ka e mahodimong,
Ya ka mpakelang o sebakeng se phahameng.