Jobo
2 “Ke hlapanya ka Modimo ya phelang ya ntshwereng ka ho hloka toka+
Le ka Ya Matla Ohle ya entseng hore ke se ke ka thabela bophelo,+
3 Ha feela ke ntse ke phela,
Modimo a mphile matla,+
4 Molomo wa ka o ke ke wa bua dintho tse sa lokang
Kapa wa bua leshano.
Ha feela ke ntse ke phela, nke ke ka etsa letho le tla etsa hore ke ikutlwe ke le molato.*
7 Sera sa ka se ke se fuwe kotlo jwalo ka batho ba kgopo
Le batho ba ntlhaselang ba fuwe kotlo jwalo ka batho ba sa lokang.
10 Na o tla thaba ka lebaka la Ya Matla Ohle?
Na o tla kopa thuso ho Modimo ka dinako tsohle?
11 Ke tla le ruta hore na Modimo o matla hakae.
Nke ke ka pata letho ka Ya Matla Ohle.
12 Haeba kaofela ha lona le bone dipono,
Ke hobaneng ha le bua dintho tse se nang thuso?
13 Modimo o tla fa batho ba kgopo dintho tsena+
E leng lefa leo Ya Matla Ohle a tla le fa batho ba hatellang ba bang:
14 Haeba a eba le bara ba bangata, ba tla bolawa ka sabole.+
Le ditloholo tsa hae di ke ke tsa ba le dijo tse lekaneng.
15 Ba phonyohileng ba tla bolawa ke lefu la sewa
Le basadi ba bona ba ke ke ba ba llela.
16 Le ha a ka bokella silevera ha bonolo jwalo ka lerole
Le diaparo tse ntle a di bokella jwalo ka letsopa
17 Le ha a ka di bokella,
Motho ya lokileng o tla di apara,+
Motho ya se nang molato o tla inkela silevera ya hae.
18 Ntlo eo a e hahang e senyeha kapele jwalo ka ntlo ya tshwele*
Le jwalo ka lephephe+ le entsweng ke molebedi.
19 O tla robala a ruile empa leruo la hae le tla nyamela.
Etlare ha a tsoha a fumane ho se na letho.
20 O tla tlelwa ke tshabo jwalo ka morwallo.
O tla nkwa ke sefefo bosiu.+
21 Moya o hlahang botjhabela o tla mo fefola a nyamele.
O tla mo fefola o mo tlose sebakeng sa hae.+