Hosea
3 Ke nna ya rutileng Baefraime ho tsamaya,+ ke ba nka ka matsoho a ka.+
Le ha ho le jwalo, ha ba a ka ba hlokomela hore ke nna ya ba fodisitseng.
4 Ka nna ka ba hulela ho nna ka mosa le ka lerato jwalo ka ha eka ke ba hula ka diropo.*+
Ke ile ka tlosa joko mehlahareng ya bona
Yaba ke tlisetsa e mong le e mong wa bona dijo ka mosa.
5 Ba ke ke ba kgutlela naheng ya Egepeta empa Asiria e tla ba morena wa bona+
Hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.+
6 Dira di tla hlasela metse ya bona ka sabole.+
Di tla senya mekwallo ya bona di be di ba fedise ka lebaka la maqheka a bona.+
7 Batho ba ka ba ikemiseditse ho se ntshepahalle.+
Le ha ba bitswa hore ba kgutlele ho Ya Phahameng ka ho Fetisisa,* ha ho na ya phahamang.
8 Nke ke ka kgona ho o tlohela, wena Efraime.+
Nke ke ka kgona ho fana ka wena, wena Iseraele.
Nke ke ka kgona ho o tshwara jwalo ka Adma.
Nke ke ka kgona ho etsa hore o be jwalo ka Zeboime.+
Ke ne ke batla ho le fedisa
Empa jwale ke le qenehetse haholo.+
9 Nke ke ka ntsha bohale ba ka.
Nke ke ka fedisa Efraime hape+
Hobane ke Modimo, ha ke motho.
Ke nna Mohalaledi hara lona.
Nke ke ka tla ho lona ke halefile.
10 Ba tla sala Jehova morao mme o tla rora jwalo ka tau.+
Ha a rora, bana ba hae ba tla tla ba thothomela ba tswa bophirimela.+
11 Ha ba tswa Egepeta ba tla thothomela jwalo ka nonyana
Le jwalo ka leeba ha ba tswa naheng ya Asiria.+
Ke tla etsa hore ba dule matlong a bona,” ke Jehova ya tjhong.+
Empa Juda o ntse a tsamaya le Modimo
Ebile o tshepahalla Ya Halalelang ka ho Fetisisa.”+