Tshenolo e yang ho Johanne
15 Ka bona pontsho e nngwe lehodimong, e kgolo le e makatsang. Ke ile ka bona mangeloi a supileng+ a tshwere dikotlo tse supileng. Dikotlo tsena ke tsa ho qetela hobane ha di fela Modimo ha a sa tla halefa.+
2 Ke ile ka bona ntho e kang lewatle la kgalase+ mme dintho tse ka hare ho lona di ne di kopane le mollo. Batho ba neng ba hlotse+ sebata le setshwantsho sa sona+ ba bile ba sa amohela letshwao la palo e emelang lebitso la sona,+ ba ne ba eme pela lewatle la kgalase ba tshwere diharepa tsa Modimo. 3 Ba ne ba bina pina ya Moshe+ mohlanka wa Modimo le ya Konyana+ ba re:
“Jehova* Modimo ya Matla Ohle,+ mesebetsi ya hao e meholo ebile e a tsoteha.+ Morena wa bosafeleng,+ ditsela tsa hao di lokile mme ke tsa nnete.+ 4 Jehova,* ka ha ke wena feela ya tshepahalang,+ ke mang ya ke keng a o hlompha* le ho tlotlisa lebitso la hao? Ditjhaba tsohle di tla tla mme di o rapele+ hobane di bone hore o ahlola ka toka.”
5 Ka mora dintho tsena ka bona sehalalelo sa tabernakele*+ se bulwa lehodimong.+ 6 Mangeloi a supileng a tshwereng dikotlo tse supileng+ a tswa sehalalelong a apere diaparo tsa line e hlwekileng, e kganyang mme a itlamile ka mabanta a kgauta difubeng. 7 E nngwe ya dikerubime tse nne ya fa mangeloi a supileng dikotlolo tse supileng tsa kgauta tse neng di tletse kgalefo ya Modimo+ ya phelang ka ho sa feleng. 8 Sehalalelo se ile sa tlala mosi ka lebaka la kganya ya Modimo+ le matla a hae. Ha ho ya ileng a kgona ho kena ka sehalalelong ho fihlela dikotlo tse supileng+ tsa mangeloi a supileng di fela.