Buka ya Bobedi ya Dikronike
14 Abija a shwa* yaba o patelwa Motseng wa Davida+ mme mora wa hae Asa ya eba morena. Ha a ne a busa, ho ile ha eba le kgotso naheng ka dilemo tse leshome.
2 Asa o ile a etsa dintho tse ntle le tse thabisang Jehova Modimo wa hae. 3 A tlosa dialetare tsa medimo e meng+ le dibaka tse phahameng, a thuha dipilara tse halalelang+ a ba a kgaola dipalo tse halalelang.*+ 4 Hape a bolella Bajuda hore ba sebeletse Jehova Modimo wa baholoholo ba bona le hore ba mamele Molao le ditaelo. 5 A tlosa dibaka tse phahameng le didulwana tsa dibano+ metseng yohle ya Juda. Ho ne ho ena le kgotso nakong eo a neng a busa. 6 O ile a haha metse e sireleditsweng ka marako Juda+ hobane ho ne ho ena le kgotso naheng mme ho se na ba mo lwantshang dilemong tsena ka ha Jehova o ne a mo phomoditse.+ 7 A re ho Bajuda: “A re haheng metse ena, re e etsetse marako, ditora,+ dikeiti* le mekwallo ho e potoloha. Naha e sa ntsane e le ya rona hobane re sebeleditse Jehova Modimo wa rona. Ke ka hoo a re phomoditseng ho dira tsohle tsa rona.” Ba ile ba haha mme ba atleha.+
8 Asa o ne a ena le masole a 300 000 a tswang Juda, a tshwarang dithebe tse kgolo le marumo. Ba tswang lelokong la Benjamine e ne e le banna ba matla ba 280 000 ba neng ba tshwara dithebe tse nyenyane* le diqha.+
9 Ha morao Zera wa Moethiopia a ba hlasela ka masole a milione le dikariki tsa ntwa tse 300.+ Ha a fihla Maresha,+ 10 Asa a tswa ho ya mo lwantsha yaba ba itokisetsa ho lwana Kgohlong ya Zefatha e Maresha. 11 Asa a kopa thuso ho Jehova Modimo wa hae+ a re: “Jehova, o thusa batho ho sa tsotellehe hore na ba bangata kapa ba a fokola.+ Re thuse Jehova Modimo wa rona hobane re tshepetse ho* wena+ mme re tlile ho tla lwantsha masole ana a mangata ka lebitso la hao.+ Jehova, o Modimo wa rona. O se ke wa dumella motho hore a o hlole.”+
12 Jehova a hlola Baethiopia ka pela Asa le Bajuda mme Baethiopia ba baleha.+ 13 Asa le batho ba neng ba ena le yena ba ba lelekisa ho ya fihla Gerare.+ Baethiopia ba shwa kaofela hobane ba ile ba hlolwa ke Jehova le lebotho* la hae. Ka mora moo, Bajuda ba hapa thepa e ngata. 14 Hape ba hlasela metse yohle e potolohileng Gerare hobane Jehova o ne a entse hore baahi ba metse eo ba tshohe. Ba nka thepa ya metse eo yohle hobane e ne e ena le thepa e ngata. 15 Ba boela ba hlasela ditente tsa ba nang le diphoofolo, ba hapa dinku le dikamele tse ngata yaba ba kgutlela Jerusalema.