Mikea
2 “Ba rerang dintho tse kotsi ba tla ba mahlomoleng,
Ba nahanang ka dintho tse mpe dibetheng tsa bona.
Hoseng ba phetha merero eo ya bona
Hobane ba na le matla a ho etsa jwalo.+
2 Ha ba batla masimo, ba a a nka.+
Ha ho ena le ntlo eo ba e ratang, ba a e nka.
Ba etsetsa motho bolotsana hore ba nke ntlo ya hae+
Le hore ba fumane lefa la hae.
3 Ka lebaka leo, Jehova o re:
‘Ke rerile ho tlisetsa setjhaba sena tlokotsi+ eo se ke keng sa e baleha.+
Se ke ke sa hlola se ikgohomosa+ hobane e tla be e le nako ya tlokotsi.+
Ba tla re: “Re nketswe dintho tsohle.+
Modimo o nkile lefa la rona a le fa batho ba bang.+
O file batho ba ditjhaba tse ding masimo a rona.”
5 Ha ho na motho phuthehong ya Jehova ya tla le otlollela thapo e methang
Hore a arole naha.
6 Ba re, “Tlohelang ho bolela.
Ha ba a lokela ho bolela ka dintho tsena.
Re ke ke ra tlotlollwa.”
7 Lona ditloholo tsa Jakobo le ntse le re:
“Na mamello ya Jehova e fedile?
Na tsee ke diketso tsa hae?”
Le a tseba hore ke etsetsa batho ba mmamelang dintho tse ntle.
8 Matsatsing ana, batho ba ka ba fetohile dira.
Ba fetang ka tsela ba le sebete jwalo ka banna ba tswang ntweng,
Le ba nkela mokgabiso o motle le seaparo* le sa ipata.
9 Le leleka basadi ba setjhaba sa ka matlung a bona ao ba a ratang.
Le amoha bana ba bona dintho tse ntle tseo ke ba hlohonolofaditseng ka tsona mme ha le di kgutlise.
10 Emang le tsamaye hobane mona ha se moo le tla phomola teng.
Ho na le tshenyo, tshenyo e kgolo+ ka lebaka la ho se hlweke.+
11 Haeba motho a etsa dintho tse se nang thuso a bile a bua leshano a re:
“Ke tla le bolella ka veine le ka jwala,”
O tla be a bua feela ho kgahlisa batho bana.+
12 Ke tla le bokella kaofela, lona ditloholo tsa Jakobo.
Ke tla bokella ba setseng ba Iseraele.+
Ke ba bokelle jwalo ka dinku lesakeng
Le jwalo ka mohlape o fulang ha mmoho.+
Ho tla tlala lerata la batho.’+
13 Ya phunyeletsang o tla ba etella pele.
Ba tla phunyeletsa, ba fete keiting mme ba tswe ka yona.+
Morena wa bona o tla feta pele ho bona.
Jehova o tla ba etella pele.”+