Zakaria
13 “Letsatsing leo, ditloholo tsa Davida le baahi ba Jerusalema ba tla tjhekelwa sediba hore ba hlwekiswe sebeng le diketsong tsa bona tse ditshila.”+
2 Jehova wa mabotho o re, “Letsatsing leo, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho tse rapelwang naheng ena+ mme di ke ke tsa hlola di hopolwa. Ke tla tlosa baprofeta naheng ena+ le ba hlohlelletsang batho hore ba etse dintho tse sa hlwekang. 3 Haeba motho a ka boela a profeta, ntate wa hae le mme wa hae ba mo tswetseng ba tla re ho yena, ‘O tla shwa hobane o buile leshano ka lebitso la Jehova.’ Ntate wa hae le mme wa hae ba mo tswetseng ba tla mo hlaba hobane a ile a profeta.+
4 Letsatsing leo, baprofeta bohle ba tla swabela dipono tsa bona ha ba profeta ebile ba ke ke ba apara diaparo tsa boya tse kgethehileng+ e le hore ba thetse batho. 5 E mong le e mong wa bona o tla re, ‘Nna ha ke moprofeta. Ke molemi feela. Ke ile ka rekwa ke monna e mong ke sa le motjha.’ 6 Ha motho e mong a ka mo botsa a re, ‘Maqeba aa a pakeng tsa mahetla a hao* ke a eng?’ O tla re, ‘Ke ile ka otlwa ka tlung ya metswalle ya ka.’”*
7 Jehova wa mabotho o re, “Wena sabole, hlasela modisa wa ka,+
O hlasele motho eo ke tlwaelaneng le yena.
Otla modisa,+ dinku* di qhalane.+
Ke tla kgalemela ba nkwang e se ba bohlokwa.”
8 Jehova o re, “Naheng yohle,
Batho ba bangata ba tla bolawa mme ba fediswe.
Ke ba mmalwa feela ba tla sala ho yona.
9 Ba setseng, ke tla ba fetisa mollong,
Ke ba hlwekise jwalo ka ha ho hlwekiswa silevera
Ke be ke ba hlahlobe jwalo ka ha ho hlahlojwa kgauta.+
Ba tla bitsa lebitso la ka
Mme ke tla ba araba.
Ke tla re, ‘Ke batho ba ka,’+
Bona ba tla re, ‘Jehova ke Modimo wa rona.’”