Jobo
2 “Le tla bua tjee ho fihlela neng?
Ebang le kutlwisiso e le hore re ka bua.
3 Ke hobaneng ha re lokela ho nkwa jwalo ka diphoofolo,+
Le ho nkwa re se na kelello* mahlong a lona?
4 Le ha bohale ba hao bo ka etsa hore o itematse,
Na lefatshe le tla lahlwa ka lebaka la hao,
Kapa lefika le tlohe sebakeng sa lona?
6 Kganya e ka tenteng ya hae e tla fifala,
Lebone le hodima hae le tingwe.
8 Maoto a hae a tla mo lebisa sefing,
O tla tsamaya ka hara lona.
10 O patetswe thapo mobung,
Ho na le leraba tseleng ya hae.
16 Metso ya hae e tla omella
Le makala a hae a pone.
18 O tla tloswa kganyeng a iswe lefifing,
A lelekwe naheng e behang.
19 A ke ke a ba le bana le ditloholo bathong ba habo,
Ha ho na motho ya tla phonyoha sebakeng seo a dulang ho sona.*
20 Ha letsatsi la hae le fihla, batho ba ka Bophirimela ba tla makala,
Le batho ba ka Botjhabela ba tshohe haholo.
21 Tsena ke dintho tse etsahalang ditenteng tsa mofosi,
Le sebakeng sa motho ya sa kang a tseba Modimo.”