Dipesaleme
Ho motsamaisi wa Gitithe.* Pina ya Davida.
8 Jehova Morena wa rona, lebitso la hao le hlompheha haholo lefatsheng lohle.
2 O bontsha matla a hao ka mantswe a tswang ho bana le masea+
E le hore sera sa hao se kgopo le se o hanyetsang
Se se ke sa kgona ho bua letho.
3 Ha ke bona mahodimo a hao, mesebetsi ya matsoho a hao,*
Kgwedi le dinaledi tseo o di entseng,+
4 Motho keng hore o nne o mo hopole
Le mora motho keng hore o mo hlokomele?+
7 Dinku, dipodi le dikgomo tsohle
Ha mmoho le diphoofolo tse hlaha,*+
8 Dinonyana tse sepakapakeng le ditlhapi tse lewatleng,
Dintho tsohle tse phelang mawatleng.
9 Jehova Morena wa rona, lebitso la hao le hlompheha haholo lefatsheng lohle.