Dipesaleme
Kodiyamalla* ya Davida eo a ileng a e binela Jehova ka lebaka la mantswe a Kushe wa Mobenjamine.
2 Ho seng jwalo ba tla nkgaola dikoto jwalo ka ha tau e etsa,+
Ba tsamaye ka nna ho se ya mpholosang.
3 Jehova Modimo wa ka haeba ho ena le phoso eo ke e entseng,
Haeba ha ke a etsa dintho ka toka,
4 Haeba ke foseditse motho ya nketsetsang dintho tse molemo+
Kapa haeba ke hapile thepa ya sera sa ka ntle ho lebaka,*
5 Sera se ke se ntelekise mme se ntshware.
Se ke se hatakele bophelo ba ka fatshe,
Se etse hore kganya ya ka e felle leroleng. (Selah)
6 Nthuse hle Jehova, ho bontsha hore o halefile.
Hanyetsa dira tsa ka tse halefileng.+
Ema, o nthuse, o laele hore dintho di etswe ka toka.+
7 Ditjhaba di ke di o potapote,
O di ahlole o le sebakeng se phahameng.
Nkahlole hle Jehova, o bone hore na ke lokile
Le hore na ke a tshepahala.+
9 Ka kopo, fedisa diketso tse mpe tsa ba kgopo.
Empa o sireletse ba lokileng+
Hobane o Modimo ya lokileng,+ ya hlahlobang dipelo+ le maikutlo a ka harehare.*+
10 Modimo ke thebe ya ka,+ Mopholosi wa ba dipelo di lokileng.+
12 Haeba motho le ha e le ofe a sa bake,+ Modimo o leotsa sabole ya hae.+
O koba seqha sa hae mme o se lokisetsa ho betsa.+
13 O lokisa dibetsa tsa hae tse bolayang.
O lokisa metsu ya hae e tukang.+
14 Bonang motho ya immeng bokgopo.
O emola mathata mme o tswala leshano.+