Hosea
6 “Tloong, re kgutleleng ho Jehova.
O re kgaotse dikoto+ empa o tla re fodisa.
O re otlile empa o tla tlamisa maqeba a rona.
2 O tla re fa matla ka mora matsatsi a mabedi.
Letsatsing la boraro o tla re phahamisa.
Re tla phela hape mme o tla re amohela.
3 Re tla tseba Jehova. Re tla leka ka hohle hore re mo tsebe.
O tla tla ho rona jwalo ka ha letsatsi le tjhaba hoseng.
A tle ho rona jwalo ka pula e tsholohang
Le jwalo ka pula ya selemo e nosetsang lefatshe.”
4 “Ke etseng ka wena Efraime?
Ke etseng ka wena Juda?
Lerato la hao le tshwana le maru a hoseng
Ebile le jwalo ka phoka e nyamelang kapele.
5 Ke ka lebaka leo ke tla ba otla ke sebedisa baprofeta.+
Ke tla ba bolaya ka mantswe a tswang molomong wa ka.+
Dikahlolo tseo ke tla ba fa tsona di tla kganya jwalo ka lesedi.+
6 Ke thabiswa ke lerato* eseng sehlabelo.
Ke thabiswa ke ha batho ba tseba Modimo ho ena le dinyehelo tse feletseng tsa setjheso.+
7 Batho ba ka jwalo ka batho ba bang, ba fetohetse selekane seo ke se entseng le bona.+
Ba ntlhanohetse naheng ya bona.
9 Sehlopha sa baprista se jwalo ka dikebekwa tse ipatileng hore di hlasele motho.
Ba bolaya batho tseleng ya Shikeme.+
Boitshwaro ba bona bo hlabisa dihlong.
10 Ke bone ntho e tshosang setjhabeng sa Iseraele.