Dipesaleme
BUKA YA BOHLANO
(Pesaleme ya 107-150)
107 Lebohang Jehova hobane o molemo.+
Lerato la hae ha le fele le ka mohla.+
2 E se eka ba pholositsweng* ke Jehova ba ka tjho jwalo,
Bao a ba pholositseng ho dira tsa bona,+
3 Bao a ba phuthileng ho tswa ditjhabeng,+
Ho tswa botjhabela le bophirimela,
Ho tswa leboya le borwa.+
4 Ba ile ba solla lefeelleng, lehwatateng.
Ba ne ba sa fumane tsela e yang motseng oo ba ka dulang ho wona.
5 Ba ne ba lapile ba bile ba nyorilwe,
Ba se na matla ka lebaka la mokgathala.
8 Batho ba ke ba lebohe Jehova+ ka lebaka la lerato* la hae
Le ka lebaka la dintho tse ntle tseo a di etseditseng batho.+
10 Ba bang ba ne ba dula lefifing le letsholetsho,
E le batshwaruwa ba mahlomoleng, ba tlanngweng ka ditshepe.
12 A ba kokobetsa ka ho ba tlohela hore ba sotlehe.+
Ba ile ba wa* mme ho ne ho se na ya ba thusang.
13 Ba ile ba kopa thuso ho Jehova ha ba le mathateng,
A ba pholosa ditsietsing tsa bona.
15 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka lebaka la lerato* la hae+
Le ka lebaka la dintho tse ntle tseo a di etseditseng batho.
18 Ba fellwa ke takatso ya dijo.
Ba ne ba le haufi le ho shwa.*
19 Ba ne ba kopa thuso ho Jehova ha ba le mathateng
Mme o ne a ba pholosa ditsietsing tsa bona.
O ne a ba pholosa hore ba se ke ba shwa.
21 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka lebaka la lerato la hae
Le ka lebaka la dintho tse ntle tseo a di etseditseng batho.
23 Batho ba tsamayang lewatleng ka dikepe,
Ba rekisang metsing a mangata,+
24 Ba bone mesebetsi ya Jehova
Le dintho tse ntle tseo a di bopileng lewatleng.+
26 Maqhubu a lewatle a ba nyollela hodimo
Ebe ba theohela tlase hape botebong ba lewatle.
Ba a tshoha ha ba bona tlokotsi e tlang e ba lebile.
30 Ha maqhubu ao a thola, ba a thaba
Mme o ba isa sebakeng seo ba se ratang moo ho emang dikepe.
31 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka lebaka la lerato la hae
Le ka lebaka la dintho tse ntle tseo a di etseditseng batho.+
34 O fetola naha e hlahisang dijalo hore e be naha e sa beheng*+
Ka lebaka la bokgopo ba batho ba dulang moo.
35 O fetola lehwatata hore e be matamo a nang le lehlaka,
Le naha e ommeng o e fetola didiba tsa metsi.+
38 O a ba hlohonolofatsa mme ba ba bangata haholo.
Ha a dumelle hore dikgomo tsa bona di fokotsehe.+
39 Le ha ho le jwalo, ba fokotseha hape ebe ba a tlotlolleha
Ka lebaka la ditlokotsi, ho hatellwa le mesarelo.
41 Empa o sireletsa* ba futsanehileng hore ba se ke ba hatellwa+
Mme o eketsa ba malapa a bona hore ba be bangata jwalo ka mohlape.
42 Ba lokileng ba bona sena ebe ba a thaba.+
Empa bohle ba sa lokang ba kwetse melomo.+