Dipesaleme
Ho motsamaisi. E binwe ka modumo wa “O se ke wa Senya.” Pesaleme ya Davida. Miktame.* Ha Saule a ne a rometse banna ho ya lebela ntlo ya Davida hore ba mo bolaye.+
59 Modimo wa ka, mpholose ho dira tsa ka.+
Ntshireletse ho ba ntlhaselang.+
2 Mpholose ho ba etsang dintho tse kgopo,
O mpholose ho batho ba ratang ntwa.
3 Ba emetse ho ntlhasela ke sa lebella.+
Banna ba matla ba a ntlhasela
Empa eseng hobane ke ba fetohetse kapa ke entse sebe,+ Jehova.
4 Le hoja ho se na phoso eo ke e entseng, ba a matha mme ba itokisetsa ho ntlhasela.
Tsoha o tlo nthusa ha ke o hweletsa mme o bone seo ba se etsang.
5 Hobane Jehova Modimo wa mabotho, o Modimo wa Iseraele.+
Tsoha o hlahlobe ditjhaba tsohle.
O se ke wa hauhela mahlabaphio le ha e le afe a kotsi.+ (Selah)
6 Ba kgutla mantsiboya a mang le a mang.+
Ba bohola* jwalo ka dintja,+ ba solla motseng.+
7 Bona se tswang melomong ya bona.
8 Empa wena, Jehova, o tla ba tsheha.+
O tla soma ditjhaba tsohle.+
9 O Matla a ka, ke tla dula ke o letetse.+
Modimo, o setshabelo sa ka se sireletsehileng.*+
10 Modimo wa ka ya nthatang o tla nthusa.+
Modimo o tla etsa hore ke bone ha ba ntlhoileng ba hlolwa.+
11 O se ke wa ba bolaya e le hore batho ba heso ba se ke ba lebala.
Ka matla a hao, etsa hore ba lelere.
Jehova, thebe ya rona, etsa hore ba we.+
12 Ka ha ba entse sebe ka seo ba se buang,
E se eka ba ka tshwaswa ke boikgohomoso ba bona,+
Ka lebaka la thohako le mashano ao ba a buang.
13 Ba fedise ka bohale ba hao.+
Ba fedise e le hore ba se ke ba hlola ba eba teng.
Etsa hore ba tsebe hore Modimo o busa Jakobo le lefatsheng lohle.+ (Selah)
14 Etsa hore ba kgutle mantsiboya.
Ba bohole* jwalo ka dintja, ba solle motseng.+
15 Etsa hore ba tsamaye hohle ba batlana le dijo.+
O se ke wa ba tlohela hore ba kgore kapa ba fumane moo ba ka robalang teng.