Dipesaleme
Pesaleme ya Davida.
28 Ke kopa thuso ho wena ka mehla, Jehova lefika la ka.+
O se ke wa iphapanyetsa nna.
2 Utlwa dikopo tsa ka ha ke llela ho wena ke kopa thuso,
Ha ke phahamisa matsoho a ka ke shebile kamoreng e ka harehare ya sehalalelo sa hao.+
3 O se ke wa nkahlola le ba kgopo, ba etsang dintho tse kotsi,+
Ba buang le batho ba bang ka kgotso empa dipelo tsa bona di le kgopo.+
O ba putse ho ya ka mosebetsi wa matsoho a bona,
Ho ya ka seo ba se entseng.+
O tla ba diha mme a ke ke a ba emisa.
6 E se eka Jehova a ka roriswa
Hobane o nkutlwile ha ke kopa thuso.
7 Jehova ke matla a ka+ le thebe ya ka.+
Ke mo tshepile ka pelo yohle ya ka.+
O nthusitse mme pelo ya ka e thabile.
Ka hoo, ke tla mo rorisa ka pina ya ka.
8 Jehova ke matla a batho ba hae.
O jwalo ka sebaka se sireletsehileng mme o pholosa motlotsuwa wa hae.+
9 Pholosa batho ba hao, o ba hlohonolofatse.+
O ba dise mme o ba jare ka ho sa feleng.+