Ruthe
1 Mehleng ya baahlodi,*+ ha eba le tlala Iseraele. Yaba monna e mong o tloha Bethlehema+ e Juda mme o fallela naheng ya Moabe,+ yena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi. 2 Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke,* mosadi wa hae e le Naomi* mme bara ba hae e le Mahalone* le Kilione.* E ne e le Baefratha ba tswang Bethlehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe yaba ba dula teng.
3 Ka mora nako, Elimeleke monna wa Naomi a shwa mme Naomi a sala le bara ba hae ba babedi. 4 Ha morao bara bao ba nyala basadi ba Bamoabe. Lebitso la e mong e ne e le Orpa, la e mong e le Ruthe.+ Ba dula moo ka dilemo tse ka bang leshome. 5 Mahalone le Kilione le bona ba shwa yaba Naomi o sala a se na monna le bana. 6 A tloha naheng ya Moabe le dingwetsi tsa hae ka ha o ne a utlwile a le Moabe hore Jehova o hlokometse setjhaba sa hae ka dijo.*
7 Naomi a tloha moo a neng a dula teng le dingwetsi tsa hae. Ha ba le tseleng ba kgutlela naheng ya Juda, 8 a re ho dingwetsi tsa hae: “Tsamayang, e mong le e mong a kgutlele ntlong ya mme wa hae. E se eka Jehova a ka le bontsha lerato*+ feela jwalo ka ha le ile la nthata mme la rata le banna ba lona ba seng ba hlokahetse. 9 E se eka Jehova a ka fa e mong le e mong wa lona molekane le lehae le sireletsehileng.”+ A ba suna yaba ba lla ha bohloko. 10 Ba nna ba re ho yena: “Tjhe, re tla ya le wena setjhabeng sa heno.” 11 Empa Naomi a re: “Kgutlang hle baradi ba ka. Ke hobaneng ha le batla ho tsamaya le nna? Na ke sa tla kgona ho ba le bara e le hore ba le nyale?+ 12 Kgutlang baradi ba ka. Tsamayang ka ha ke se ke tsofetse haholo hore nka nyalwa. Le haeba ke ne ke tshepile hore nka nyalwa bosiung bona mme ka ba le bara, 13 na le ne le tla ba emela ho fihlela ba hodile? Na le ne le tla dula le sa nyalwa hobane le ba emetse? Tjhe baradi ba ka, Jehova o ntahlile mme ha ke nahana ka boemo ba lona, ke le utlwela bohloko haholo.”+
14 Yaba ba boela ba lla ha bohloko. Ka mora moo, Orpa a suna matsale wa hae mme a tsamaya. Empa Ruthe a hana ho tsamaya. 15 Ka hoo, Naomi a re: “Orpa ngwetsimmoho le wena o kgutletse ho batho ba habo le ho medimo ya habo. Le wena kgutla.”
16 Empa Ruthe a re: “O se ke wa mphehella hore ke o siye, ke kgutle ke se ke ka tsamaya le wena ka ha ke tla ya moo o yang teng mme ke tla robala moo o robalang teng. Batho ba heno e tla ba batho ba heso mme Modimo wa hao e tla ba Modimo wa ka.+ 17 Ke tla shwela moo o shwelang teng mme ke patelwe hona teng. E se eka Jehova a ka mpha kotlo e boima haeba re ka arohanngwa ke ntho le ha e le efe ha e se lefu.”
18 Naomi a kgaotsa ho kopa Ruthe hore a kgutlele habo ha a bona hore o phehella ho tsamaya le yena. 19 Ba nna ba tsamaya ho fihlela ba fihla Bethlehema.+ Yare hang ha ba fihla moo, ha eba le moferefere motseng wohle mme basadi ba ne ba re: “Na ke Naomi eo?” 20 Empa o ne a ba araba a re: “Le se ke la mpitsa Naomi.* Le mpe le mpitse Mara* ka ha Ya Matla Ohle o ntshulafaleditse bophelo.+ 21 Ke ne ke ena le dintho tsohle ha ke eya empa Jehova o entse hore ke kgutle ke se na letho. Ke hobaneng ha le mpitsa Naomi? Etswe ke Jehova ya kgahlanong le nna, ruri Ya Matla Ohle o mpaketse tlokotsi.”+
22 Ena ke pale ya ka moo Naomi a kgutlileng Moabe+ le Ruthe ngwetsi ya hae ya Momoabe. Ba fihlile Bethlehema ha ho ne ho kotulwa harese.+