Nahume
3 Ho madimabe motse o tletseng tshollo ya madi.
Baahi ba teng ba leshano ebile ke mashodu.
Ho dula ho ena le diphofu.
2 Ho lla sephadi, ho utlwahala modumo wa mabidi a dikariki,
Dipere di a matha le dikariki di matha ka lebelo.
3 Ho na le monna ya palameng pere, ho benya sabole le lerumo,
Ho bolailwe batho ba bangata, ditopo ke diqubu,
Di ngata bo se nang palo.
Batho ba ntse ba kgothometseha hodima tsona.
4 Tseo ke ditholwana tsa botekatse ba Ninive,
Ke nkgekge ya boloi. Ka ha o motle,
O hohela ditjhaba ka botekatse ba hae le malapa o a hohela ka boloi.
5 Jehova wa mabotho o re: “Ke tla o hlasela wena Ninive,+
Ke tla phahamisa mose wa hao ke o kwahele ka wona mahlong,
Ke etse hore ditjhaba di o bone ha o hlobotse
Le mebuso e bone dihlong tsa hao.
7 E mong le e mong ya o bonang o tla baleha+ a re:
‘Ninive o tlatlapuwe.
Ke mang ya tla mo utlwela bohloko?’
Ke mang ya tla o tshedisa?
8 O nahana hore o betere ho feta No-amone*+ ya neng a dula melapong ya Nile?+
O ne a potapotilwe ke metsi,
Metsi a lewatle e ne e le lona leruo la hae, a sireleditswe ke lewatle.
9 Boholo ba matla a hae a ne a tswa Ethiopia, a mang a tswa Egepeta.
Pute+ le Libia ba ne ba mo thusa.+
Bana ba hae ba ile ba fumanwa ba kgaotswe dikoto seterateng se seng le se seng.
Le banna ba hae ba matla ba arolelanwa ka lotho.
Banna ba hae ba hlomphuwang ba tlangwa ka diketane.
O tla batla setshabelo e le hore o ipatele sera.
12 Dibaka tsa hao tse sireleditsweng ekare difate tsa feie* tse nang le ditholwana tsa pele tse butswitseng,
Tseo e reng ha di tsukutlwa, ditholwana tsa tsona di wele ka lehanong la motho ya di jang.
13 Masole a hao ekare basadi.
Dikeiti tsa hao di tla bulwa e le hore dira tsa hao di kene.
Mekwallo ya dikeiti tsa hao e tla tjha.
14 Kgang metsi le itokisetse ho thibellwa.+
Tiisang diqhobosheane tsa lona.
Nkang foromo, le batle letsopa
Ebe le etsa ditene.
15 Le ha o ka etsa jwalo, mollo o tla o tjhesa.
O tla bolawa ka sabole.+
Le haeba o ka itokisa ka hore o eketse palo ya setjhaba sa hao,
Mollo le sabole di ntse di tla o timetsa jwalo ka ha ditsie di ja dijalo.+
16 O ekeditse palo ya borakgwebo ba hao, palo ya bona e feta ya dinaledi tsa lehodimo.
Tsie e hlobola letlalo la yona la kgale ebe e a fofa.
17 Balebedi ba hao ekare ditsie,
Balaodi ba hao bona ekare sehlopha sa ditsie.
Ba dula masakeng ha ho bata
Empa ha letsatsi le tjhaba ba a baleha
Ebe ha ho motho ya tsebang hore na ba hokae.
18 Badisana ba hao ba a otsela wena morena wa Asiria,
Bahlomphehi ba hao ba dula malapeng a bona.
Setjhaba sa hao se hasane dithabeng
Mme ha ho ya se bokellang.+