Buka ya Pele ya Marena
17 Elia*+ wa Motishba moahi wa Gileade+ a re ho Akabe: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo wa Iseraele ya phelang eo ke mo sebeletsang* hore dilemong tsena ho ke ke ha eba le phoka kapa pula ntle le haeba ke bolela hore di tla ba teng.”+
2 Jehova a bua le Elia a re: 3 “Tloha mona o tsamaye ka tsela e yang botjhabela mme o ipate Kgohlong ya Kerithe e ka botjhabela ho Jordane. 4 O nwe metsi nokaneng mme ke tla laela makgwaba hore a o tlisetse dijo moo.”+ 5 Ka potlako a etsa seo Jehova a mo laetseng sona, a tsamaya mme a dula Kgohlong ya Kerithe e ka botjhabela ho Jordane. 6 Makgwaba a ne a mo tlisetsa bohobe le nama hoseng le mantsiboya mme o ne a nwa metsi nokaneng.+ 7 Ka mora matsatsi nokana ya psha+ hobane pula e ne e sa ne.
8 Jehova a bua le Elia a re: 9 “Eya Sarepta ya Basidone mme o dule teng. Ke tla laela mosadi wa mohlolohadi moo hore a o fe dijo.”+ 10 A tsamaya a ya Sarepta. Ha a fihla keiting ya motse, ho ne ho ena le mosadi wa mohlolohadi ya ntseng a rwalla patsi. Elia a mo hweletsa a re: “Ke kopa o ntlisetse metsi a manyenyane e le hore ke nwe.”+ 11 Ha mosadi eo a yo lata metsi, a mo hweletsa a re: “Ke kopa o ntlele bohobe.” 12 Mosadi eo a re: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo wa hao ya phelang, ha ke na bohobe haese phofo e ka tlalang seatla e ka nkgong e kgolo le oli e nyenyane e ka nkgong e nyenyane.+ Hona jwale ke rwalla patsi e seng kae ebe ke ya hae mme ke etsetsa nna le mora wa ka dijo. Re tla ja ka lekgetlo la ho qetela ebe re a shwa.”
13 Elia a re ho yena: “O se ke wa tshoha. Eya hae mme o etse seo o se buileng. Empa pele ho moo, nketsetse bohobe bo sedikadikwe bo bonyenyane ka dintho tse teng mme o bo tlise ho nna. Ka mora moo, o ka etsetsa wena le mora wa hao dijo. 14 Jehova Modimo wa Iseraele o itse: ‘Phofo e ka nkgong e kgolo e ke ke ya fela le oli e ka nkgong e nyenyane e ke ke ya fela ho fihlela letsatsing leo ka lona Jehova a nesang pula.’”+ 15 A tsamaya mme a etsa feela jwalo ka ha Elia a buile. Yena, ba lelapa la hae le Elia ba ile ba eba le dijo ka matsatsi a mangata.+ 16 Phofo e ka nkgong e kgolo le oli e ka nkgong e nyenyane ha di a ka tsa fela ho ya ka seo Jehova a neng a se buile a sebedisa Elia.
17 Ka mora dintho tsena, mosadi wa mohlolohadi e leng mongantlo, a kulelwa ke mora, a kula haholo hoo a ileng a shwa.+ 18 A re ho Elia: “Mohlanka wa Modimo wa nnete, ke o entseng? Na o tletse ho tla nkgopotsa phoso ya ka le ho bolaya mora wa ka?”+ 19 Elia a re ho yena: “Mphe mora wa hao.” A mo nka matsohong a mme wa hae a ya le yena kamoreng e marulelong eo a neng a dula ho yona, a mo beha hodima bethe ya hae.+ 20 Elia a rapela Jehova a re: “Jehova Modimo wa ka,+ na o tlisetsa mosadi eo wa mohlolohadi eo ke dulang le yena tlokotsi ka hore o bolaye mora wa hae?” 21 A paqama hodima ngwana ka makgetlo a mararo mme a rapela Jehova a re: “Jehova Modimo wa ka, ke kopa o etse hore ngwana enwa a phele hape.” 22 Jehova a mamela kopo ya Elia+ mme ngwana a boela a phela.+ 23 Elia a nka ngwana mme a theoha le yena ho tswa kamoreng e marulelong a ya ka tlung yaba o mo isa ho mme wa hae. Elia a re: “Bona, mora wa hao o a phela.”+ 24 Mosadi eo a re ho Elia: “Jwale ke a tseba hore ka nnete o mohlanka wa Modimo+ le hore mantswe ao o a buang a tswang ho Jehova ke nnete.”