Ho Tite
2 Le ha ho le jwalo, wena o nne o bue dintho tse dumellanang le thuto e nepahetseng.*+ 2 Bontate ba hodileng ba lokela ho ba le tekatekano dinthong tsohle, e be batho ba sa nkeng dintho hanyenyane, ba nang le kelello,* ba nang le tumelo e matla, lerato le mamello. 3 Ka ho tshwanang, bomme ba hodileng ba itshware ka tsela e bontshang hore ba hlompha Modimo, e se ke ya eba baetselletsi, e se ke ya eba makgoba a veine, ba rute dintho tse lokileng 4 e le hore ba ka eletsa* basadi ba batjha hore ba rate banna ba bona, ba rate bana ba bona, 5 ba be le kelello,* ba be le boitshwaro bo hlwekileng, e be basebetsi malapeng,* ba be mosa, ba mamele banna ba bona+ e le hore lentswe la Modimo le se ke la buuwa hampe.
6 Ka ho tshwanang, o nne o eletse banna ba batjha hore ba be le kelello.*+ 7 O be mohlala mesebetsing yohle e metle. Ka boitlhompho o rute thuto e hlwekileng.*+ 8 O bue dipuo tse hlwekileng* ha o ruta e le hore ho se ke ha eba le letho leo batho ba o qosang ka lona+ le hore batho ba re hanyetsang ba ka swaba hobane ba se na letho le lebe* leo ba ka le buang ka rona.+ 9 Makgoba a lokela ho mamela beng ba ona dinthong tsohle+ mme a leke ho ba kgahlisa, a sa ba arabise. 10 A se ke a ba utswetsa+ empa a bontshe hore a tshepahala ka hohle e le hore a ka kgabisa thuto ya Mopholosi wa rona Modimo dinthong tsohle.+
11 Etswe mosa* wa Modimo o pholosang batho ba mefuta yohle o bonahetse.+ 12 O re ruta ho phela ka tsela e bontshang hore re na le kelello* ka ho etsa dintho tse lokileng le ho sebeletsa Modimo ka botshepehi mehleng ena.*+ Hape o re ruta ho hana dintho tse mpe tseo batho ba lefatshe lena ba di lakatsang le tsohle tse kgahlanong le thato ya Modimo.+ 13 Hona jwale, a re duleng re letetse ho phethahala ha dintho tse thabisang tseo re nang le tshepo ya tsona+ le hore Modimo Ya Matla Ohle le Jesu Kreste Mopholosi wa rona ba bonahatse matla a bona. 14 Jesu o ile a inehela bakeng sa rona+ ho re pholosa*+ e le hore re qobe ho etsa mofuta o mong le o mong wa bokgopo* le hore a hlwekise batho bao e leng letlotlo la hae le kgethehileng ba tjhesehelang ho etsa mesebetsi e metle.+
15 O nne o rute dintho tsena, o kgothatse* le ho kgalemela ka ha o na le matla a ho etsa jwalo.+ O se ke wa dumella mang kapa mang ho o kgella fatshe.