Numere
21 Ha morena wa Arade+ wa Mokanana ya neng a dula Negebe a utlwa hore Baiseraele ba tlile ka tsela ya Atharime, a lwantsha Baiseraele mme a nka ba bang ba bona hore e be batlamuwa. 2 Ka hoo, Baiseraele ba itlama ho Jehova mme ba re: “Haeba o ka fana ka batho bana matsohong a rona, re tla fedisa metse ya bona.” 3 Ka hoo, Jehova a mamela lentswe la Baiseraele mme a fana ka Bakanana ho bona yaba ba ba fedisa ha mmoho le metse ya bona. Ka hoo, ba reha sebaka seo lebitso la Horma.*+
4 Ha batho ba ntse ba tsamaya ho tloha Thabeng ya Hore+ ka tsela ya Lewatle le Lefubedu e le hore ba potolohe naha ya Edomo,+ ba qala ho kgathala ka lebaka la leeto. 5 Setjhaba sa nna sa bua Modimo le Moshe+ hampe sa re: “Ke hobaneng ha le re ntshitse naheng ya Egepeta hore re tlo shwella lefeelleng? Ha ho na dijo le metsi+ mme re hloile* bohobe bona bo nyatsehang.”+ 6 Ka hoo, Jehova a romela dinoha tse tjhefo hara setjhaba mme tsa nna tsa loma setjhaba, hoo Baiseraele ba bangata ba ileng ba shwa.+
7 Ka hoo, setjhaba sa tla ho Moshe sa re: “Re entse sebe ka ho bua Jehova le wena hampe.+ Re buelle ho Jehova e le hore a tlose dinoha ho rona.” Yaba Moshe o buella setjhaba.+ 8 Jwale Jehova a re ho Moshe: “Etsa setshwantsho sa noha e tjhefo mme o e behe hodima palo. Haeba motho a lonngwe, o tla e sheba e le hore a tswele pele a phela.” 9 Hanghang Moshe a etsa noha ya koporo+ yaba o e beha hodima palo.+ Ha noha e lomme motho mme motho eo a sheba noha ya koporo, o ne a phela.+
10 Ka mora moo, Baiseraele ba tloha mme ba hloma ditente tsa bona Obothe.+ 11 Jwale ba tloha Obothe mme ba hloma ditente tsa bona Iye-abarime+ lefeelleng le shebaneng le Moabe, ho elella ka botjhabela. 12 Ho tloha moo ba tsamaya mme ba hloma ditente tsa bona pela Kgohlo* ya Zerede.+ 13 Ha ba tloha moo ba tsamaya mme ba hloma ditente tsa bona sebakeng sa Arnone+ se lefeelleng le nammeng ho tloha moeding wa Baamore, etswe Arnone ke moedi wa Moabe, pakeng tsa Moabe le Baamore. 14 Ke ka lebaka leo buka ya Dintwa tsa Jehova e buang ka “Vahebe e Sufa le dikgohlo* tsa Arnone. 15 Arnone e ya sebakeng sa Are le dinokana tsa yona mme e itshetlehile ka moedi wa Moabe.”
16 Ka mora moo ba ya Beere. Sena ke sediba seo ho sona Jehova a itseng ho Moshe: “Bokella setjhaba mme ke se fe metsi.”
18 Sediba se tjhekilweng ke dikgosana, se epilweng ke bahlomphehi ba setjhaba,
Ka molamu wa molaodi le ka melamu ya bona.”
Yaba ba tloha lefeelleng ba ya Matana, 19 ho tloha Matana ba ya Nahaliele mme ho tloha Nahaliele ba ya Bamothe.+ 20 Ba tloha Bamothe ba ya kgohlong e naheng* ya Moabe,+ ka hodima Pisga,+ e hlahellang ka hodima Jeshimone.*+
21 Baiseraele ba romela baromuwa ho Sihone, morena wa Baamore ba re:+ 22 “Re dumelle hore re fete naheng ya hao. Re ke ke ra kgelohela tshimong kapa serapeng sa morara. Re ke ke ra nwa metsi a sediba le ha e le sefe. Re tla tsamaya Tseleng ya Morena* ho fihlela re fetile naheng ya hao.”+ 23 Empa Sihone ha a ka a dumella Baiseraele hore ba fete naheng ya hae. Ho ena le hoo, Sihone o ile a bokella batho bohle ba hae mme a tswa ho ya lwantsha Baiseraele lefeelleng mme a fihla Jahaze yaba o qala ho lwana le Baiseraele.+ 24 Empa Baiseraele ba ile ba mo hlola ka sabole+ mme ba hapa naha+ ya hae ho tloha Arnone+ ho ya Jaboke,+ haufi le Baamone hobane Jazere+ ke moedi wa naha ya Baamone.+
25 Baiseraele ba hapa metse ena yohle, mme ba qala ho dula metseng yohle ya Baamore,+ Heshbone le metsaneng yohle e haufi* le yona. 26 Heshbone e ne e le motse wa morena Sihone, e leng morena wa Baamore, ya neng a kile a lwana le morena wa Moabe mme a hapa naha yohle ya hae ho ya fihla Arnone. 27 Ke ka hoo ho ileng ha eba le maele a kobisang a reng:
“Tloo motseng wa Heshbone.
Motse wa Sihone o ke o hahwe mme o thehwe ka matla.
28 Mollo o ile wa tswa Heshbone, lelakabe motseng wa Sihone.
O tjhesitse Are ya Moabe, marena a dibaka tse phahameng tsa Arnone.
29 Ho madimabe wena, Moabe. Le tla fediswa, Lona batho ba Kemoshe.+
O etsa hore bara ba hae e be babalehi le hore baradi ba hae e be batlamuwa ba Sihone morena wa Baamore.
30 A re ba hlaseleng,
Heshbone e tla fediswa ho fihlela Dibone,+
A re e fediseng ho fihlela Nofa,
Mollo o tla tuka ho fihlela Medeba.”+
31 Ka hoo, Baiseraele ba qala ho dula naheng ya Baamore. 32 Jwale Moshe a romela banna ba bang ho ya hlwela* motse wa Jazere.+ Ba ile ba hapa metsana e haufi* le wona mme ba leleka Baamore ba neng ba le moo. 33 Ka mora moo, ba tsamaya ka Tsela ya Bashane. Oge+ morena wa Bashane a tswa le batho bohle ba hae ho ya ba lwantsha motseng wa Edrei.+ 34 Jehova a re ho Moshe: “O se ke wa mo tshaba+ hobane ke tla fana ka yena le batho bohle ba hae le naha ya hae letsohong la hao+ mme o tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone morena wa Baamore, ya neng a dula Heshbone.”+ 35 Ka hoo, ba nna ba mo lwantsha ha mmoho le bara ba hae le batho bohle ba hae, ho fihlela batho bohle ba hae ba shwele+ yaba ba hapa naha ya hae.+