Dipesaleme
Pina. Pesaleme ya bara ba Kora.+
48 Jehova o moholo ebile o tshwanelwa ke thoriso yohle
Motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e halalelang.
2 Thaba ya Sione e hole ka leboya,
E phahame haholo ebile e ntle mme e thabelwa ke lefatshe lohle,+
Ke motse wa Morena e Moholo.+
3 Ditoreng tsa hae tse sireletsehileng,
Modimo o entse ho tsebahale hore ke setshabelo se sireletsehileng.*+
4 Marena a kopane.
A tlile mmoho hore a hlasele.
5 Ha a bona motse oo, a ile a makala.
A ile a tshoha yaba a a baleha.
6 A ile a thothomela moo,
A utlwa bohloko bo kang ba mosadi ya belehang.
7 O swahlamanya dikepe tsa Tarshishe ka moya wa botjhabela.
8 Dintho tseo re di utlwileng jwale re di bone
Motseng wa Jehova wa mabotho, motseng wa Modimo wa rona.
Modimo o tla o tiisa ka ho sa feleng.+ (Selah)
Letsoho la hao le letona le tletse ho loka.+
12 Potapotang Sione ka mahlakoreng ohle.
Le bale ditora tsa yona.+
13 Hlahlobang marako a yona a tshireletso.+
Shebisisang ditora tsa yona tse sireletsehileng
E le hore le ka bua ka yona melokong e tlang.