Daniele
7 Ka selemo sa pele Morena Belshatsare+ wa Babilona a busa, Daniele o ile a lora toro le ho bona dipono ha a ntse a robetse betheng ya hae+ yaba o ngola toro eo fatshe.+ A ngola tlaleho e feletseng ya ditaba tseo. 2 Daniele a re:
“Diponong tsa ka tsa bosiu, ke ile ka bona meya e mene ya mahodimo e fuduha lewatle le leholo.+ 3 Dibata tse nne tse kgolo+ tse sa tshwaneng tsa tswa ka lewatleng leo.
4 Sebata sa pele se ne se tshwana le tau+ mme se ena le mapheo a ntsu.+ Ke ile ka sheba ho fihlela se ntshwa mapheo, se nyollwa lefatsheng mme se emiswa ka maoto a mabedi jwalo ka motho yaba se fuwa pelo ya motho.
5 Ka bona sebata se seng sa bobedi se tshwanang le bere.+ Se ne se phahame ka lehlakoreng le leng mme se ena le dikgopo tse tharo molomong wa sona pakeng tsa meno a sona. Ha thwe ho sona, ‘Ema, o je nama e ngata.’+
6 Ha ke ntse ke shebile ka bona sebata se seng se tshwanang le lengau+ empa mokokotlong se ena le mapheo a mane a kang a nonyana. Hape se ne se ena le dihlooho tse nne+ yaba se fuwa matla a ho busa.
7 Ka mora moo, diponong tsa bosiu ka bona sebata sa bone se tshosang, se tshabehang le se neng se ena le matla a sa tlwaelehang. Se ne se ena le meno a maholo a tshepe. Se ne se harola, se senya ntho e nngwe le e nngwe e pela sona, ntho e setseng se e hatakela ka maoto.+ Se ne se fapane le dibata tse ding tsohle tse tlileng pele ho sona mme se ena le manaka a leshome. 8 Ha ke ntse ke shebile manaka ao, ka bona lenaka le leng le lenyenyane+ le hlaha hara ona mme manaka a mararo ho a pele a ntshwa ka pela lona. Lenakeng lena ho ne ho ena le mahlo a kang a motho le molomo o buang ka ho ikgohomosa.+
9 Ka nna ka sheba ho fihlela diterone di behwa dibakeng tsa tsona mme Moholoholo wa Matsatsi+ a dula fatshe.+ Diaparo tsa hae di ne di le tshweu jwalo ka lehlwa+ mme moriri o hloohong ya hae o le jwalo ka boya bo hlwekileng. Terone ya hae e ne e le malakabe a mollo, mabidi a yona e le mollo o tukang.+ 10 Mollo o tswang ka pela hae+ o ne o phalla jwalo ka nokana. O ne a sebeletswa ke dikete tsa dikete le dimilione tse ngata* di ne di eme ka pela hae.+ Lekgotla+ la dula mme dibuka tsa bulwa.
11 Ka nako eo, ka nna ka sheba ka lebaka la modumo wa mantswe a ho ikgohomosa ao lenaka le neng le a bua.+ Ka sheba ho fihlela sebata seo se bolawa, setopo sa sona se fediswa mme se tjheswa mollong. 12 Dibata tse ding tsona+ di ile tsa nkelwa bobusi mme bophelo ba tsona ba lelefatswa ka nako e itseng.
13 Diponong tsa bosiu ka bona e mong ya jwalo ka mora motho+ a tla ka maru a mahodimo. A dumellwa ho kena ho Moholoholo wa Matsatsi+ mme ba mo atametsa ka pela hae. 14 A fuwa bobusi,+ ho hlompheha+ le mmuso hore batho ba ditjhaba, merabe le ba dipuo tse fapaneng kaofela ba mo sebeletse.+ Bobusi ba hae ke bo ke keng ba fela kapa ba feta le mmuso wa hae o ke ke wa fediswa.+
15 Ke ile ka tshwenyeha hobane dipono tseo ke ileng ka di bona di ile tsa ntshosa.+ 16 Ka atamela e mong wa ba neng ba eme moo, ka mo botsa hore na ha e le hantle dintho tsena di bolelang. O ile a nkaraba mme a ntlhalosetsa hore na di bolelang.
17 ‘Dibata tsena tse nne tse kgolo+ ke marena a mane a tla hlaha lefatsheng.+ 18 Bahalaledi ba Ya Hodimodimo+ ba tla fuwa mmuso+ mme e tla ba wa bona+ ka ho sa feleng.’
19 Ke ne ke batla ho tseba haholwanyane ka sebata sa bone se neng se fapane le tse ding tsohle. Se ne se tshosa ka tsela e sa tlwaelehang, se ena le meno a tshepe le dinala tsa koporo, se harola, se senya ntho e nngwe le e nngwe e pela sona, ntho e setseng se e hatakela ka maoto.+ 20 Hape ke ne ke batla ho tseba ka manaka a leshome+ a neng a le hloohong ya sona le ka lenaka le leng le ileng la hlaha leo manaka a mararo a ileng a wa ka pela lona.+ Le ne le ena le mahlo le molomo o buang ka ho ikgohomosa ebile le bonahala le le leholo ho feta manaka a mang.
21 Ka nna ka sheba ha lenaka leo le lwantsha bahalaledi mme le ba hlola,+ 22 ho fihlela Moholoholo wa Matsatsi+ a tla mme a fana ka kahlolo ho sireletsa bahalaledi ba Ya Hodimodimo+ le nako e behilweng ya hore bahalaledi ba fuwe mmuso e fihla.+
23 A re: ‘Sebata sa bone ke mmuso wa bone o tla ba teng lefatsheng, o tla fapana le mebuso e meng yohle. O tla harola lefatshe lohle, o le hatakele o be o le silakanye.+ 24 Manaka a leshome a emela marena a leshome a tla hlaha mmusong oo. Ho tla hlaha morena e mong hape ka mora ona mme a ke ke a tshwana le marena a pele. O tla tlotlolla marena a mararo.+ 25 O tla bua hampe ka Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa+ ebile o tla dula a hlorisa bahalaledi ba Ya Hodimodimo. O tla ikemisetsa ho fetola dinako le molao mme a ba hlorise ka dinako tse tharo le halofo.*+ 26 Lekgotla la dula yaba ba mo nkela bobusi ba hae e le hore ba mo fedise ka ho feletseng.+
27 ‘Mmuso, bobusi le boholo ba mebuso e lefatsheng lohle ya fuwa bahalaledi ba Ya Hodimodimo.+ Mmuso wa bona ke o ke keng wa fela+ ebile mebuso yohle e tla ba sebeletsa le ho ba mamela.’
28 Taba ena e fella mona. Dintho tseo ke neng ke di nahana di ne di ntshosa haholo hoo sefahleho sa ka se ileng sa fetoha. Empa ke ile ka dula ke nahana ka taba eo.”