Esaia
2 Ena ke ntho eo Esaia mora wa Amoze a ileng a e bona e neng e tla etsahalla Juda le Jerusalema:+
Thaba eo ntlo ya Jehova e leng ho yona
E tla tiiswa ka thata ka hodima ditlhoro tsa dithaba,+
E phahamele maralla.
Ditjhaba tsohle di tla phallela ho yona.+
3 Ditjhaba tse ngata di tla ya ebe di re:
“Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova,
Ntlong ya Modimo wa Jakobo.+
O tla re ruta ditsela tsa hae
Ebe re tsamaya ditseleng tsa hae.”+
Molao o tla tswa Sione
Le lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.+
4 O tla ahlola hara ditjhaba,
A lokise ditaba ditjhabeng tse ngata.
Ba tla etsa disabole tsa bona mehoma,
Ba etse marumo a bona dikere tse kutang dimela.+
Setjhaba se ke ke sa phahamisetsa setjhaba se seng sabole,
Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.+
6 Modimo, o furaletse batho ba hao, ba ntlo ya Jakobo+
Ka ha ba nkile meetlo e mengata ya Botjhabela.
Ba sebedisa boselamose+ jwalo ka Bafilista
Ebile ba dula le baditjhaba ba bangata.
7 Naha ya bona e tletse silevera le kgauta,
Matlotlo a bona a mangata haholo.
Naha ya bona e tletse dipere
Le dikariki tsa bona di ngata haholo.+
8 Naha ya bona e tletse medimo e se nang thuso.+
Ba inamela mosebetsi wa matsoho a bona,
O entsweng ka menwana ya bona.
9 Ba a inama mme ba a tlotloloha,
O ke ke wa ba tshwarela.
10 Kenang ka lefikeng mme le ipate leroleng
Ka lebaka la ho tshaba matla a Jehova,
Boholo ba hae le kgalalelo ya hae.+
11 Motho ya ikgohomosang o tla theolelwa tlase,
Batho ba ikgohomosang ba tla kokobetswa.
Ke Jehova feela ya tla phahamiswa letsatsing leo.
12 Leo ke letsatsi la Jehova wa mabotho.+
Le tlela bohle ba ikgohomosang le ba phahameng
Le bohle, ebang ba maemong a hodimo kapa a tlase,+
14 Le dithaba tsohle tse phahameng
Le maralla ohle a phahameng.
15 Le ditora tsohle tse phahameng le marako ohle a tiileng.
17 Motho ya ikgohomosang o tla theolelwa tlase,
Batho ba ikgohomosang ba tla kokobetswa.
Ke Jehova feela ya tla phahamiswa letsatsing leo.
18 Medimo e se nang thuso e tla fediswa ka ho feletseng.+
19 Batho ba tla kena ka mahaheng
Le ka mekoting+
Ka lebaka la ho tshaba matla a Jehova,
Boholo ba hae le kgalalelo ya hae.+
Ha a nka kgato lefatshe le thothomela ke tshabo.
20 Letsatsing leo, batho ba tla nka medimo ya bona e se nang thuso ya silevera le kgauta,
Eo ba neng ba iketseditse yona hore ba e inamele.
Ba tla e akgella ditweba le bommankgane+
21 E le hore ba kene ka mekoting ya mafika
Ba ipate ka mapatsong a mafika,
Ka lebaka la ho tshaba matla a Jehova,
Boholo ba hae le kgalalelo ya hae.
Ha a nka kgato lefatshe le thothomela ke tshabo.
O ka mo tshepa jwang?