Mikea
Thaba eo ntlo ya Jehova e leng ho yona+
E tla tiiswa ka thata ka hodima ditlhoro tsa dithaba,
E phahamele maralla.
Batho ba tla phallela ho yona.+
2 Ditjhaba tse ngata di tla ya mme di re:
“Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova
Le ntlong ya Modimo wa Jakobo.+
O tla re ruta ditsela tsa hae
Ebe re tsamaya ditseleng tsa hae.”
Molao* o tla tswa Sione
Le lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.
Ba tla etsa disabole tsa bona mehoma,
Ba etse marumo a bona dikere tse kutang dimela.+
Setjhaba se ke ke sa phahamisetsa setjhaba se seng sabole,
Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.+
4 E mong le e mong o tla dula tlasa sefate sa hae sa morara le sa feie.*+
Ha ho na motho ya tla ba tshosa+
Ka ha Jehova wa mabotho o se a buile.
5 Setjhaba se seng le se seng se tla sebeletsa modimo* wa sona
Empa rona re tla sebeletsa* Jehova Modimo+ wa rona ka ho sa feleng.
6 Jehova o re, “Letsatsing leo,
Ke tla bokella ya neng a hlotsa,
Ke phuthe ya neng a hasantswe+
Ke be ke phuthe le bao ke ileng ka ba tshwara hampe.
7 Ke tla etsa hore ba neng ba hlotsa ba sale,+
Ya neng a suthiseditswe hole ke mo etse setjhaba se matla.+
Jehova o tla busa e le morena wa bona Thabeng ya Sione
Ho tloha hona jwale ho ya ho ile.
8 Ha e le wena tora e lebelang mohlape,
Qubu ya moradi wa Sione,+
Puso ya hao ya pele* e tla kgutlela ho wena
E leng mmuso wa moradi wa Jerusalema.+
9 Ke hobaneng ha o hweleditse hakaale?
Na ha o na morena
Kapa na moeletsi wa hao o shwele?
Na ke lona lebaka le etsang hore o utlwe bohloko bo tshwanang le ba mosadi ya belehang?+
10 Wena moradi wa Sione, utlwa bohloko o be o lle
Jwalo ka mosadi ya belehang
Hobane o tla tloha motseng o yo dula naheng.
Jehova o tla o reka moo ho dira tsa hao, a o kgutlise.+
11 Ditjhaba tse ngata di tla bokana hore di o hlasele.
Di tla re, ‘Sione e ke e silafatswe.
E se eka re ka bona ha ntho ena e etsahala.’
12 Empa ha di tsebe menahano ya Jehova,
Ha di utlwisise morero wa hae.
O tla di bokella jwalo ka mangata a koro e sa tswa kotulwa e iswang seotlong.
13 Ema o pole, wena moradi wa Sione.+
Ke tla etsa hore manaka a hao e be tshepe
Ebile ke tla etsa hore ditlhako tsa hao e be koporo.
O tla silakanya ditjhaba tse ngata.+
O tla fa Jehova dintho tseo di di hapileng ka bolotsana,
O fe Morena wa nnete wa lefatshe lohle maruo a tsona.”+