Jobo
7 Na motho o etseditswe hore a sebetse ka thata bophelo bohle ba hae,
Hape na matsatsi a hae a jwalo ka a mosebeletsi ya hirilweng?+
4 Ha ke robala ke a ipotsa ke re, ‘Ebe ke tla tsoha neng?’+
Ha bosiu bo dieha ho sa, ha ke kgone ho robala ho fihlela hoseng.*
6 Matsatsi a ka a feta ka pele jwalo ka nalete ya motho ya rokang,+
A a feta mme a ntshiya ke se na tshepo.+
7 Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane,*+
Le hore le ka mohla mahlo a ka a ke ke a hlola a bona se molemo.
10 Ha a sa tla hlola a kgutlela ka tlung ya hae,
Batho ba sebakeng seo a neng a dula ho sona ba tla mo lebala.+
11 Ka lebaka leo, nke ke ka thiba molomo wa ka.
Ke tla bua ka lebaka la bohloko boo ke bo utlwang pelong ya ka,
Ke tla tletleba matshwenyehong a ka.+
12 Na nna ke lewatle kapa ke phoofolo e kgolohadi ya lewatle,
Hoo o lokelang ho beha motho ya nkatileng?
13 Ha ke re, ‘Setulo sa ka se tla ntshedisa,
Bethe ya ka e tla nthusa ho kokobetsa mathata a ka,’
16 Ke hloile bophelo ba ka,+ ha ke sa batla ho phela.
Ntlohele hobane matsatsi a ka a feta ka pele jwalo ka moya oo re o hemang.+
20 Haeba ke entse sebe, ke o utlwisitse bohloko kang wena Ya Bonang dintho tsohle tseo batho ba di etsang?+
Ke hobaneng ha o shebane le nna?
Na ke se ke le morwalo ho wena?
21 Ke hobaneng ha o sa ntshwarele
Mme o hlakole phoso ya ka?
Ka ha haufinyane ke tla robala leroleng,+
O tla mpatla empa ke tla be ke le siyo.”