Genese
40 Mookamedi wa baqhatsetsi+ ba morena wa Egepeta le mookamedi wa baapehi* ba fosetsa Faro morena wa bona. 2 A halefela basebeletsi ba hae, e leng mookamedi wa baqhatsetsi le mookamedi wa baapehi+ 3 yaba o ba kwalla teronkong e ntlong ya mookamedi wa balebedi,+ moo Josefa e neng e le motshwaruwa teng.+ 4 Mookamedi wa balebedi a laela Josefa hore a ba hlokomele+ mme ba qeta nako e itseng* ba le teronkong.
5 Moqhatsetsi le moapehi wa morena wa Egepeta, ba neng ba kwalletswe teronkong ba ile ba lora bosiu mme toro ya e mong le e mong e ne e ena le seo e se bolelang. 6 Hoseng ha letsatsi le hlahlamang ha Josefa a ba bona, ba ne ba shebahala ba nyahame. 7 A botsa basebeletsi ba Faro bao a neng a kwalletswe le bona ka tlung ya monga hae a re: “Ke hobaneng ha le bonahala le nyahame kajeno?” 8 Ba re ho yena: “Re lorile empa ha re na motho ya re hlalosetsang ditoro tsa rona.” Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso ha se tsa Modimo?+ Ke kopa le mpolelle tsona.”
9 Mookamedi wa baqhatsetsi a bolella Josefa toro ya hae a re: “Torong ya ka ho ne ho ena le sefate sa morara ka pela ka. 10 Sefateng sa morara ho ne ho ena le makala a mararo mme ha se hlahisa dithunthung ha hlaha morara o butswitseng. 11 Ke ne ke tshwere kopi ya Faro yaba ke nka morara ke o tlhotlela ka hara yona. Ka mora moo ka fa Faro kopi eo.” 12 Josefa a re ho yena: “Tlhaloso ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo. 13 Ka mora matsatsi a mararo ho tloha hona jwale, Faro o tla o ntsha* teronkong a o kgutlisetse boemong ba hao+ mme o tla fa Faro kopi feela jwalo ka ha o ne o etsa ha o ne o le moqhatsetsi wa hae.+ 14 O nkgopole ha dintho di o tsamaela hantle. Ke kopa o nkgauhele* mme o bue ka nna ho Faro e le hore ke tle ke tswe sebakeng sena. 15 Ha e le hantle, ke kwetetswe naheng ya Baheberu+ ebile ha ke a etsa letho le etsang hore ebe ke kentswe teronkong.”*+
16 Ha mookamedi wa baapehi a utlwa hore tlhaloso ya toro e a thabisa a re ho Josefa: “Le nna ke lorile mme ho ne ho ena le dibaskete tse tharo tsa bohobe bo bosweu hodima hlooho ya ka. 17 Basketeng e ka hodimo ho ne ho ena le dintho tsa mefutafuta tse baketsweng Faro mme ho ne ho ena le dinonyana tse di jang ka hara baskete e hodima hlooho ya ka.” 18 Josefa a re: “Tlhaloso ya yona ke ena: Dibaskete tse tharo ke matsatsi a mararo. 19 Ka mora matsatsi a mararo ho tloha hona jwale, Faro o tla o kgaola hlooho a o fanyehe thupeng mme dinonyana di tla ja nama ya hao.”+
20 Letsatsi la boraro e ne e le letsatsi la tswalo+ la Faro. A etsetsa bahlanka bohle ba hae mokete mme a tlisa* mookamedi wa baqhatsetsi le mookamedi wa baapehi moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona. 21 A kgutlisetsa mookamedi wa baqhatsetsi mosebetsing wa hae wa ho ba moqhatsetsi mme a tswela pele ho fa Faro kopi. 22 Empa a fanyeha mookamedi wa baapehi feela jwalo ka ha Josefa a ba hlaloseditse.+ 23 Empa mookamedi wa baqhatsetsi o ile a lebala Josefa.+