Esaia
59 Letsoho la Jehova ha le lekgutshwanyane hore le sitwe ho pholosa+
Le ditsebe tsa hae ha di a kwaleha* hore di sitwe ho utlwa.+
2 Tjhe, diphoso tsa lona di le arohantse le Modimo wa lona.+
Dibe tsa lona di entse hore a le patele sefahleho sa hae
Mme ha a batle ho le utlwa.+
Le bua leshano ka melomo ya lona,+ ka maleme a lona le honotha dintho tse sa lokang.
Ba tshepile lefeela*+ mme ba bua dintho tse se nang thuso.
Ba emola kgathatso mme ba tswala dintho tse kotsi.+
Mang kapa mang ya jang mahe a bona o ne a tla shwa,
Mme lehe le pshatlehileng le qhotsa marabe.
Mesebetsi ya bona e kotsi
Mme diketso tse kotsi di matsohong a bona.+
7 Ba* mathela ho etsa bokgopo.
Ba potlakela ho tsholla madi a batho ba se nang molato.+
Menahano ya bona ke menahano e kotsi,
Ba a senyetsana, ba bakelana masisapelo.+
8 Ha ba tsebe tsela ya ho ba le kgotso le batho ba bang.
Ditseleng tsa bona ha ho na toka.+
Ba sotha ditsela tsa bona.
Ha ho ya hatang ho tsona ya tla tseba kgotso.+
9 Ke ka lebaka leo toka e leng hole le rona,
Le ho loka ho sa re fumaneng.
Re ntse re lebeletse lesedi empa ho lefifi.
Re lebeletse kganya empa re ntse re tsamaya lefifing.+
Re kgoptjwa motshehare o moholo jwalo ka ha eka ke shwalane.
Hara ba matla re tshwana le batho ba shweleng.
11 Kaofela ha rona re ntse re rora jwalo ka dibere.
Re ntse re lla re utlwile bohloko jwalo ka maeba.
Re lebeletse toka empa ha e yo.
Re lebeletse poloko empa e hole haholo le rona.
Re tseba borabele ba rona,
Le diphoso tsa rona re di tseba hantle.+
13 Re foseditse Jehova ebile re mo latotse.
Re furaletse Modimo wa rona.
Nnete* e kgopilwe diterateng
Mme ntho e nepahetseng ha e kgone ho kena.
16 A bona hore ho ne ho se na motho,
A makatswa ke hore ebe ha ho na motho ya kenang dipakeng.
Ka hoo, a lopolla* batho ka letsoho la hae,
Ho loka ha hae ha mo tshehetsa.
18 O tla ba putsa ho latela mesebetsi ya bona:+
O tla halefela bahanyetsi ba hae, a iphetetse ho dira tsa hae.+
O tla fa baahi ba dihlekehleke moputso o ba loketseng.
19 Ba ka bophirimela ba tla tshaba lebitso la Jehova,
Ba ka botjhabela ba tshabe kganya ya hae.
O tla tla jwalo ka noka e bakang mahlomola,
Eo moya wa Jehova o etsang hore e phalle.
21 Jehova o re: “Selekane sa ka le bona ke sena:+ Moya wa ka o leng ho wena le mantswe a ka ao ke itseng o a bue, a ke ke a tloswa molomong wa hao, molomong wa bana* ba hao kapa molomong wa ditloholo* tsa hao ho tloha hona jwale ho ya ho ile,” ke Jehova ya tjhong.