Kosepele ya Mareka
16 Ha Sabatha+ e fetile, Salome, Maria Magdalena le Maria+ mme wa Jakobo, ba reka dioli tse nkgang ha monate e le hore ba tlotse setopo sa Jesu.+ 2 Ka letsatsi la pele la beke, ba tla lebitleng hoseng haholo ha letsatsi le qeta ho tjhaba.+ 3 Ba ne ba buisana ba re: “Ebe ke mang ya tla re tlosetsa lejwe monyako wa lebitla?” 4 Empa ha ba sheba lebitla ba bona lejwe leo le tlositswe le hoja le ne le le leholo haholo.+ 5 Eitse ha ba kena ka lebitleng, ba tshoha haholo hobane ba ile ba bona mohlankana e mong ya apereng diaparo tse telele tse tshweu a dutse ka lehlakoreng le letona. 6 Mohlankana eo a re ho bona: “Le se ke la tshoha,+ ke a tseba hore le batla Jesu wa Monazaretha ya ileng a kgokgothelwa palong. O tsositswe,+ ha a yo mona. Bonang moo a neng a robetse teng.+ 7 Eyang ho Petrose le barutuwa ba bang ba Jesu le re ho bona: ‘O se a ntse a le tseleng e yang Galilea.+ Le tla mo fumana moo feela jwalo ka ha a ile a le bolella.’”+ 8 Ka hoo, ba tswa lebitleng ba matha, ba thothomela ba bile ba maketse. Ha ba a ka ba re letho ho mang kapa mang hobane ba ne ba tshohile.*+