Buka ya Bobedi ya Bakorinthe
3 Na ho hlokahala hore re itlhalose hore na re bomang hape? Kapa na re hloka mangolo a re buellang jwalo ka ha ba bang le bona ba a hloka? Kapa na lona le lokela ho re ngolla mangolo ao? 2 Lona ka bolona le mangolo a rona+ a ngotsweng dipelong tsa rona mme a tsejwa ke batho bohle ebile ba a a bala. 3 Ho hlakile hore le mangolo a Kreste a ngotsweng ke rona basebeletsi ba Modimo,+ a ngotsweng ka moya wa Modimo ya phelang eseng ka enke. A ngotswe dipelong+ eseng matlapeng.+
4 Re bua dintho tsena ka kgodiseho ka pela Modimo ka lebaka la Kreste. 5 Ha re bolele hore re kgona ho etsa mosebetsi ona ka borona empa ke Modimo ya re thusang hore re o etse.+ 6 Ke yena ya re thusang hore re be basebeletsi ba selekane se setjha+ le ba moya o halalelang eseng ba molao o ngotsweng+ hobane molao o ngotsweng o tlisa lefu+ empa moya o halalelang o fana ka bophelo.+
7 Molao o tlisang lefu le o ngotsweng matlapeng+ o tlile ka kganya e kgolo hoo Baiseraele ba neng ba sitwa ho sheba sefahleho sa Moshe hobane se ne se kganya haholo+ empa kganya eo e ne e tlo fediswa. 8 Na moya o halalelang+ o ke ke wa fanwa ka kganya e fetang?+ 9 Haeba molao o tlisang bomadimabe+ o ne o kganya haholo,+ mosebetsi o tlisang ho loka o tla kganya le ho feta.+ 10 Ha e le hantle, kganya ya molao ha se letho ha e bapiswa le kganya ya selekane se setjha.+ 11 Haeba molao o ngotsweng o ileng wa fediswa o tlile ka kganya e kgolo,+ selekane se setjha se ntseng se le teng se tla fumana kganya e kgolo le ho feta.+
12 Ka ha re na le tshepo eo,+ re bua ka bolokolohi. 13 Hape ha re etse seo Moshe a ileng a se etsa ha a ne a ikwahela sefahleho ka lesira+ e le hore bara ba Iseraele ba se ke ba bona kganya ya molao o neng o tlo fediswa. 14 Empa ba ne ba sa kgone ho utlwisisa.+ Ho tla fihlela letsatsing lena, ha ba kgone ho utlwisisa ha selekane sa kgale se balwa+ hobane ekare ba kwahetswe ka lesira. Lesira leo le ka tloswa feela ka thuso ya Kreste.+ 15 Dipelo tsa bona di ntse di kwahetswe ka lesira le kajeno.+ Ka hoo, ha ba utlwisise mangolo a Moshe.+ 16 Empa ha motho a fetola mekgwa ya hae e le hore a sebeletse Jehova,* lesira leo le a tloswa.+ 17 Jehova* ke Moya,+ moo moya wa Jehova* o leng teng, ho na le tokoloho.+ 18 Rona kaofela ba tlositseng lesira difahlehong tsa rona, re tshwana le diipone tse bontshang kganya ya Jehova.* Re etswa hore re tshwane le Modimo e le hore re bonahatse kganya ya hae le ho feta jwalo ka ha Jehova* eo e leng Moya* a batla.+