Esaia
50 Jehova o re:
“Le kae lengolo la tlhalo+ la mme wa lona, eo ke mo tebetseng?
Bana, na ke le rekisitse hobane ke ena le sekoloto?
Le rekisitswe ka lebaka la diphoso tsa lona.+
Mme wa lona o tebetswe ka lebaka la dibe tsa lona.+
2 Ke hobaneng ha ho ne ho se na motho ha ke fihla?
Ke hobaneng ha ho ne ho se na motho ya arabang ha ke hweletsa?+
Na letsoho la ka ha le na matla a ho lopolla
Kapa na ha ke na matla a ho pholosa?+
Ke pshesa lewatle ka kgalemelo ya ka e matla.+
Ke etsa hore dinoka e be lehwatata.+
Ditlhapi tsa tsona di a bola hobane metsi a a fokola
Mme di bolawa ke lenyora.
4 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o rupetse leleme la ka*+
E le hore ke tsebe ho araba* ya kgathetseng ka mantswe a nepahetseng.*+
O ntsosa hoseng ho hong le ho hong,
O tsosa tsebe ya ka hore e mamele jwalo ka ba rutehileng.+
Ha ke a ka ka sheba lehlakoreng lesele.+
6 Ke ile ka fana ka mokokotlo wa ka ho ba nkotlang,
Ka fana ka marama a ka ho ba ntlhothang ditedu.
Ha ke a ka ka pata sefahleho sa ka ha ke tlotlollwa le ha ke tshwelwa ka mathe.+
7 Empa Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla nthusa.+
Ke ka lebaka leo nke keng ka tlotloloha.
Ke ka lebaka leo ke ikemiseditseng ho tiya.*+
Ke a tseba hore nke ke ka swaba.
8 Ya bolelang hore ke lokile o haufi.
Ke mang ya batlang ho nkisa kgotla?
A ke a tle ho nna.
9 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla nthusa.
Ke mang ya tla phatlalatsa hore ke molato?
Kaofela ha bona ba tla ba jwalo ka seaparo se fedileng,
Se jeweng ke tshwele.*
Ke mang ya tsamaileng lefifing le letsholetsho, moo ho se nang kganya?
A ke a tshepe lebitso la Jehova mme a itshetlehe ka Modimo wa hae.
11 “Bonang! Lona bohle ba hotetsang mollo,
Ba etsang hore ditlhase di tlole,
Tsamayang kganyeng ya mollo wa lona,
Hara ditlhase tseo le di hoteditseng.
Le tla fumana kotlo ena ho tswa letsohong la ka:
Le tla robala le le bohlokong bo boholo.