Jobo
39 Na o a tseba hore na dipodi tsa thaba di tswala neng?+
Na o kile wa bona ha kgama e tswala?+
2 Na o a tseba hore na di emara dikgwedi tse kae?
Na o tseba nako eo di tswalang ka yona?
3 Di kgumama fatshe ha di tswala,
Ka mora moo, bohloko ba tsona ba ho tswala bo a fela.
4 Manamane a tsona a matona a ba matla mme a holela naheng.
A a tsamaya ebe ha a sa kgutlela ho bomma ona.
6 Ke entse hore e dule lehwatateng,
Ka etsa hore e dule naheng e letswai.
7 E dula hole le motse o lerata.
Ha e utlwe lerata la motho ya fang diphoofolo ditaelo.
8 E tsamaya maralleng,
E batla moo e ka fulang jwang bo botala.
9 Na poho e hlaha e batla ho o sebeletsa?+
Na e ka qeta bosiu lesakeng* la hao?
10 Na o tla hula poho e hlaha ka ropo e le hore e o lemele
Kapa na e tla o latela e le hore e leme* thota?
11 Na o tla tshepa matla a yona
O be o e dumelle hore e o etsetse mosebetsi o boima?
12 Na o ka kgodiseha hore e tla o tlisetsa dijo tseo o di kotutseng*
Mme e di bokelle seotlong* sa hao?
14 E siya mahe a yona fatshe,
E a siya a futhumetse mobung.
15 E a lebala hore batho ba ka a hata ebe ba a pshatla
Kapa hore diphoofolo tsa naheng di ka a hata.
16 E tshwara madinyane a yona hampe jwalo ka ha eka ha se a yona.+
Ha e tshabe hore a ka shwa.
17 Modimo o entse hore e se ke ya eba bohlale
A ba a etsa hore e se ke ya eba le kutlwisiso.
18 Empa ha e ema e foka mapheo a yona,
E tsheha pere le motho ya e palameng.
19 Na ke wena ya fang pere matla?+
Na ke wena ya e apesang moetse?*
20 Na o ka etsa hore e qhome jwalo ka tsie?
E hemela hodimo ka tsela e tshosang.+
21 E fata fatshe ebe e ya ntweng ka matla.+
22 E tsheha kotsi mme ha e tshabe letho.+
Ha e kgutliswe ke sabole.
23 Mekotla ya metsu e ntse e e thula lehlakoreng,
Lerumo le lerumo le betswang di ntse di benya ha e matha.
24 E mathela pele ke thabo hobane e batla ho ya ntweng,
Ha e kgone ho ema feela ha e utlwa* modumo wa lenaka.
25 Ha e utlwa modumo wa lenaka e re, ‘Aha!’
E nkgella ntwa e sa le hole
Ebile e utlwa lerata la balaodi le modumo wa ntwa.+
26 Na ke wena ya rutileng phakwe ho fofela hodimo,
Hore e otlollele mapheo a yona ka borwa?
27 Kapa na ke wena ya laelang ntsu hore e fofele hodimo+
Le hore e hahe sehlaha sa yona moo ho phahameng haholo+
Mahlo a yona a kgona ho bona hole.
30 Madinyane a yona a nwa madi.
Moo ho nang le ditopo, o tla e fumana teng.”+