Jobo
40 Jehova a boela a re ho Jobo:
2 “Na motho a ka lwantsha Ya Matla Ohle hobane a nahana hore o fositse?+
Haeba ho na le motho ya batlang ho kgalemela Modimo a bue.”+
3 Jobo a araba Jehova a re:
Nka o araba ke reng?
Ke tla thola.+
5 Ke buile ho lekane
Ha ke sa tla hlola ke bua hape.”
6 Jehova a araba Jobo a le ka hara sefefo a re:+
7 “Ke kopa o itokise mme o etse dintho jwalo ka monna.
Ke tla o botsa dipotso mme wena o nkarabe.+
Na o tla nkahlola e le hore e be wena ya nepileng?+
9 Na o na le matla a lekanang le a Modimo wa nnete+
Kapa na lentswe la hao le ka duma jwalo ka la hae?+
10 Ke kopa o bontshe kganya ya hao le hore na o matla hakae.
O bontshe ka moo o hlomphehang le ka moo o leng moholo ka teng.
11 Ntsha kgalefo yohle e ka ho wena.
Theolela motho e mong le e mong ya ikgohomosang tlase.
12 Kokobetsa motho e mong le e mong ya ikgohomosang,
O be o fedise batho ba kgopo hohle moo ba leng teng.
13 Kaofela ha bona o ba pate leroleng.
O ba tlamelle ka lebitleng.
15 Behemothe* ke ena le yona ke e bopile jwalo ka ha ke o bopile.
E ja jwang jwalo ka poho.
16 Bona matla a lethekeng la yona
Le matla a yona a mesifeng ya mpa.
17 E tiisa mohatla wa yona jwalo ka sefate sa kedare.
Mesifa ya dirope tsa yona ekare e loheletswe ha mmoho.
18 Masapo a yona ekare a entswe ka koporo
Le maoto a yona ekare a entswe ka tshepe.
19 Mofuteng wa yona wa diphoofolo, ke yona ya pele le e matla eo Modimo a e bopileng.
Ke Mmopi wa yona feela ya ka e hlaselang le ho e bolaya ka sabole.
20 Dithaba di e medisetsa dijo,
Moo diphoofolo tsohle tsa naha di bapallang teng.
23 Ha e tshohe le ha noka e phalla ka matla.
E sebete le hoja metsi a noka ya Jordane+ a e otla ka matla.
24 Na ho na le motho ya ka e tshwarang e ntse e shebile?
Kapa ya ka phunyang nko ya yona ka hakisi?*