Hagai
2 Ka letsatsi la bo21 kgweding ya bosupa, Jehova a re ho moprofeta Hagai:+ 2 “Ke kopa o botse Zorobabele+ mmusi wa Juda+ mora wa Shalatiele le moprista ya phahameng Joshua+ mora wa Jozadake+ le setjhaba kaofela o re: 3 ‘Ke mang hara lona ya hopolang ka moo ntlo* ee e neng e le ntle ka teng pele?+ Le bona e le jwang hona jwale? Na ee ha se letho ha e bapiswa le eo?’+
4 Jehova o re: ‘Empa jwale eba sebete Zorobabele le wena moprista ya phahameng Joshua mora wa Jozadake, o be sebete.
Le lona le be sebete batho ba ka+ mme le sebetse,’ ke Jehova ya tjhong.
‘Hobane ke na le lona,’+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong. 5 ‘Hopolang ntho eo ke ileng ka le tshepisa yona ha le ne le tswa Egepeta.+ Le hona jwale ke ntse ke le tataisa ka moya wa ka,*+ le se ke la tshoha.’+
6 Jehova wa mabotho o re: ‘Haufinyane ke tla boela ke sisinye mahodimo, lefatshe, lewatle le moo ho ommeng.+
7 Ke tla sisinya ditjhaba tsohle mme matlotlo* a ditjhaba tsohle a tla kena ka tlung ena.+ Ke tla etsa hore e hlomphehe, e be le seriti,’+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.
8 ‘Silevera ke ya ka le kgauta ke ya ka,’ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.
9 ‘Ntlo ena e ntjha e tla hlompheha ho feta ya pele,’+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.
‘Ke tla le fa kgotso ntlong ena,’+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.”
10 Selemong sa bobedi sa puso ya Dariuse, ka letsatsi la bo24 la kgwedi ya borobong, Jehova a bua le moprofeta Hagai+ a re: 11 “Jehova wa mabotho o re: ‘Ke kopa o botse baprista hore na Molao o reng tabeng ena:+ 12 “Haeba motho a beha nama e halalelang* lemenong la seaparo sa hae mme lemeno la seaparo sa hae le thetsa bohobe, setjhu, veine, oli kapa dijo tsa mofuta le ha e le ofe, na di tla halalela?”’”
Baprista ba re: “Tjhe!”
13 Jwale Hagai a re: “Haeba motho ya sa hlwekang ka lebaka la ho thetsa setopo, a thetsa e nngwe ya dintho tsena, na e tla silafala?”+
Yaba baprista ba re: “E tla silafala.”
14 Ka hoo Hagai a re: “‘Setjhaba sena le batho bana ba jwalo,’ ke Jehova ya tjhong. ‘Mesebetsi yohle ya matsoho a bona e jwalo mme eng kapa eng eo ba e tlisang ka pela ka ha e a hlweka.
15 Empa ke a le kopa, ho tloha letsatsing lena ho ya pele, nahanisisang ka se ileng sa etsahala pele ho qalwa ho tsosoloswa tempele ya Jehova.+ 16 Ho ne ho le jwang? Ha motho a fihla qubung ya dijo* a lebeletse ho fumana mekotla e 20, o ne a fumana e leshome feela. Ha e mong a tla moo ho tlhotletsweng veine ho tlatsa dinkgo tse 50, o ne a tlatsa tse 20 feela.+ 17 Ke ile ka senya dijalo e leng mesebetsi yohle ya matsoho a lona. Ka di otla ka komello, phori*+ le ka sefako empa ha ho le ya mong wa lona ya ileng a kgutlela ho nna,’ ke Jehova ya tjhong.
18 ‘Ke kopa le tle le hlokomele hore na ho tla etsahalang ho tloha letsatsing lena ho ya pele, letsatsing la bo24 la kgwedi ya borobong ha ho behwa motheo wa tempele ya Jehova.+ Le hlokomele taba ena: 19 Ha ho sa na peo ka setorong.*+ Sefate sa morara, sa feie,* sa dikgarenate le sa mohlwaare ha di eso behe. Empa ho tloha letsatsing lena ke tla le hlohonolofatsa.’”+
20 Ka letsatsi la bo24 la kgwedi, Jehova a bua le Hagai ka lekgetlo la bobedi a re:+ 21 “Ere ho Zorobabele mmusi wa Juda: ‘Ke tla sisinya mahodimo le lefatshe.+ 22 Ke tla diha terone ya mebuso le ho fedisa matla a mebuso ya ditjhaba.+ Ke tla phethola kariki le bapalami ba yona mme dipere tsohle di tla shwa le bapalami ba tsona kaofela ba tla bolayana ka disabole.’”+
23 “Jehova wa mabotho o re: ‘Ka letsatsi leo, ke tla o bitsa, wena mohlanka wa ka Zorobabele+ mora wa Shalatiele,’+ ke Jehova ya tjhong. ‘Ke tla etsa hore o be jwalo ka reng e tempang* hobane ke wena eo ke mo kgethileng,’ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.”