Dipesaleme
Pina ya Davida.
143 Utlwa thapelo ya ka hle Jehova.+
Nkutlwe ha ke kopa thuso.
Nkarabe hobane o a tshepahala ebile o lokile.
2 Ke mohlanka wa hao,
O se ke wa nqosa hobane ha ho na motho ya phelang ya se nang molato* ka pela hao.+
3 Ke lelekiswa ke sera.
Se nkgateletse fatshe.
Se entse hore ke dule lefifing jwalo ka batho bao e leng kgale ba shwele.
5 Ke hopola mehleng ya kgale.
Ke nahanisisa* ka mesebetsi yohle ya hao.+
Ke nahanisisa ka dintho tseo o di entseng.
6 Ke phahamisetsa matsoho a ka ho wena.
Ke o hloka jwalo ka naha e omeletseng e hlokang metsi.+ (Selah)
Ke feletswe ke matla.+
8 E se eka nka utlwa e sa le hoseng hore o a nthata
Hobane ke o tshepile.
Ntsebise tsela eo ke lokelang ho phela ka yona+
Hobane ke tla ho wena hore o ntataise.
9 Jehova, mpholose ho dira tsa ka.
Ke kopa o ntshireletse.+
O molemo.
E se eka o ka ntataisetsa sebakeng se sireletsehileng* ka matla a hao.
11 Jehova, mpholose hore lebitso la hao le tle le roriswe.
Mpholose matshwenyehong hobane o lokile.+