Buka ya Bobedi ya Dikronike
23 Ka selemo sa bosupa Jehojada a ba sebete mme a etsa tumellano* le balaodi ba ba makgolo+ e leng Azaria mora wa Jerohame, Ishmaele mora wa Johanane, Azaria mora wa Obede, Maseia mora wa Adaia le Elishafate mora wa Zikri. 2 Ba tsamaya metseng yohle ya Juda, ba bokella Balevi+ ho tswa ho yona le dihlooho tsa malapa a Iseraele. Ha ba fihla Jerusalema, 3 phutheho yohle ya etsa selekane+ le morena ka tlung ya Modimo wa nnete yaba Jehojada o re ho bona:
“Mora wa morena o tla busa feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse mabapi le bara ba Davida.+ 4 Le etse tjena: Le arole baprista le Balevi ba sebetsang+ ka letsatsi la Sabatha hore e be dihlopha tse tharo. Sehlopha sa pele e tla ba balebedi ba menyako,+ 5 sa bobedi se tla ba ntlong ya morena*+ mme sa boraro se be Keiting ya Motheo. Batho bohle ba tla ba mabaleng a ntlo ya Jehova.+ 6 Le se ke la dumella motho le ha e le ofe ho kena ka tlung ya Jehova ntle le baprista le Balevi ba sebeletsang.+ Ke bona ba ka kenang hobane ke sehlopha se halalelang mme batho bohle ba tla etsa ho ya ka moo ba itlammeng ka teng ho Jehova. 7 Balevi ba sireletse morena ka mahlakoreng ohle mme kaofela ba nke dibetsa. Motho ya tla kena ka tlung a bolawe. Le tsamaye le morena hohle moo a yang teng.”*
8 Balevi le Bajuda bohle ba etsa hantle seo moprista Jehojada a neng a ba laetse sona. Molaodi e mong le e mong a ya ho moprista Jehojada le sehlopha sa hae sa banna ba sebetsang ka Sabatha+ le ba sa sebetseng hobane moprista Jehojada o ne a sa lokolla dihlopha+ mosebetsing wa tsona. 9 Moprista Jehojada a fa balaodi ba ba makgolo+ marumo, dithebe tse nyenyane* le dithebe tse sedikadikwe tsa Morena Davida,+ tse neng di le ka tlung ya Modimo wa nnete.+ 10 A beha batho bohle moo ba lokelang ho ema teng, e mong le e mong a tshwere sebetsa* sa hae, ho tloha lehlakoreng le letona la ntlo ho ya ka ho le letshehadi haufi le aletare le ntlo, ba potolohile morena. 11 Ba tlisa mora wa morena,+ ba mo rwesa korone mme ba beha Buka ya Molao*+ hloohong ya hae yaba ba mo tlotsa hore e be morena. Ka hoo, Jehojada le bara ba hae ba re: “Morena a ke a phele!”+
12 Ha Athalia a utlwa batho ba mathang le ba rorisang morena, hanghang a tla ntlong ya Jehova.+ 13 A bona morena a eme pela pilara ya hae e monyako. Dikgosana+ le ba letsang diterompeta ba ne ba le moo le morena mme batho bohle ba ne ba thabile+ ba bile ba letsa diterompeta. Dibini di ne di tshwere diletsa tsa tsona di etelletse mmino pele. Athalia a tabola diaparo tsa hae mme a hweletsa a re: “Borabele! Borabele!” 14 Empa moprista Jehojada a romela balaodi ba ba makgolo e leng baokamedi ba masole a re ho bona: “Mo tloseng hara masole. Ha ho ka ba le motho ya mo latelang le mo bolaye ka sabole.” Moprista Jehojada o ne a itse a se ke a bolaelwa ka hara ntlo ya Jehova. 15 Ba mo tshwara mme ha ba fihla monyako wa Keiti ya Dipere wa ntlo ya morena,* ba mo bolaela moo hanghang.
16 Jehojada a etsa selekane pakeng tsa hae le batho bohle le morena e leng selekane sa hore e tla dula e le batho ba Jehova.+ 17 Ka mora moo, batho bohle ba ya tempeleng* ya Baale, ba e diha,+ ba pshatla dialetare le ditshwantsho tsa hae+ mme ba bolaela Matane moprista wa Baale+ ka pela dialetare. 18 Jehojada a beha baprista le Balevi hore ba okamele ntlo ya Jehova e leng bao Davida a neng a ba behile ka dihlopha hore ba okamele ntlo ya Jehova le ho nyehela mahlabelo a setjheso a Jehova+ ho ya ka se ngotsweng Molaong wa Moshe+ mme ba etse seo ba thabile ebile ba bina jwalo ka ha Davida a laetse. 19 Hape a beha balebedi dikeiting+ tsa ntlo ya Jehova e le hore ho se ke ha eba le motho ya sa hlwekang ka tsela le ha e le efe ya ka kenang. 20 A tsamaya le balaodi ba ba makgolo,+ bahlomphehi, babusi ba setjhaba le setjhaba sohle mme ba felehetsa morena ho tswa ntlong ya Jehova. Ba kena ka keiti e ka hodimo ba ya ntlong ya morena* mme ba mo beha teroneng+ ya mmuso.+ 21 Batho bohle ba thaba mme motse wa eba le kgotso ka ha ba ne ba bolaile Athalia ka sabole.